Vinkmag ad

La 19 Pherekhong 2024

Labohlano

 Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (24,3-21)

 Nke ke ka mo isa letsoho hobane ke motlotsuoa oa Morena.

Matsatsing ao Saule a nka masole a khethehileng a likete li tharo, a tsoa hohle Israeleng, ‘me a ea tsoma Davida le batho ba hae ho ea fihla ka bochabela ho Mafika-a-Likome. Tseleng a fihla metebong ea likhutšoane, moo ho neng ho e-na le lehaha. Saule a kena teng ho ithusa, athe Davida le batho ba hae ba ne ba le hare-hare ho lehaha.

Batho ba Davida ba re ho eena: Ke lena he letsatsi leo Morena a buileng ka Iona ho uena, a re: Ke tla lahlela sera sa hao liatleng tsa hao; u etse ka sona kamoo u ratang kateng.

Davida a phahama, ‘me a fihla a poma sekotoana sa seaparo sa Saule a sa ‘mone. Kamorao, pelo ea Davida ea uba ke letsoalo ka baka la hobane a pomme sekotoana sa seaparo sa Saule. A re ho batho ba hae: Morena a nthuse, ke se etse monghali oa ka e leng motlotsuoa oa Morena joalo, ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuoa oa Morena. Davida a khalemella batho ba hae taba ena, a ba hanela ho tsohela Saule matla.

Eaba Saule oa phahama, o tsoa lehaheng ‘me o kena tseleng. Kamorao le eena Davida a phakisa, a tsoa lehaheng, a hoeletsa Saule, a re: Morena, monghali oa ka! Saule a hetla ‘me a bona Davida a khumama, a otla fatše ka sefahleho.

Davida a re ho Saule: Ke’ng ha u kholoa batho ba reng Davida o u rerile sehlöhö? U’a bona he, kajeno u ipontšitse ka mahlo kamoo Morena a u lahletseng liatleng tsa ka kateng ha re le ka lehaheng ‘me ba bang ba re ke u bolaee? Ke mpile ka u qenehela, ka re nke ke ka isa monghali oa ka letsoho, hobane ke motlotsuoa oa Morena.

Bona, ntate sheba sekotoana sa seaparo sa hao, ke sena letsohong la ka. Ke pomme sekotoana sena seaparong sa hao, empa ke sa u bolaee. Tseba, u be u bone ke hona hore ha ke na bobe leha e le bona bokhopo.

Ha ke e-s’o u etse hampe, athe uena u nanarela ho nkamoha bophelo ba ka!

Morena e be moahloli pakeng tsa röna le uena! Morena e ke e be eena ea phetetsang bakeng sa ka! Ha e le ka letsoho la ka teng, nke ke ka u thetsa. Joaloka ha maele a baholo a bolela, a re: Bobe bo tsoa ho ba babe; ka hona, nke ke ka u thetsa le ka letsoho la ka.

Khosi ea Israele e il’o hlasela mang? U nts’u tebelisa eng! Ntja e shoeleng, kapa letsetse? Morena a lihe kahlolo, e be eena moahloli pakeng tsa röna le uena! A ke a hlahlobe litaba, a mpuelle nyeoeng ea ka, a nkahlolele ‘me a ntokolle matsohong a hao.

Hoba Davida a qete ho bua joalo, Saule a re: Na ehlile ke utloa lentsoe la hao, Davida mor’a ka? Saule a nt’o qala ho Ila le ho bokolla. A ba a re ho Davida: Uena, u lokile ho mpheta hobane u nketselitse molemo, athe ‘na ke u entse hampe.

Kajeno u bontšitse molemo oa hao ho ‘na ka mokhoa o totobetseng, hobane Morena o n’a ntahletse liatleng tsa hao, empa ha ua ka ua mpolaea. Na ho teng motho eo e keng e re ha a tšoere sera sa hae, a se tlohelle se ikele ka khotso? Morena a ke a u buseletse bakeng sa molemo oo u nketselitseng oona kajeno. Joale, ke bona hantle hore u tla fela u rene, le hore borena ba Israele bo tla tiea matsohong a hao.

PESALEMA 56 (2-4.6 le 11.2)

NKHAUHELE MOLIMO, U NKHAUHELE.

 Nkhauhele, Molimo, u nkhauhele,

hobane ke tšabela ho uena;

ke tšabela moriting oa mapheo a hao,

ho fihlela kotsi e ba e feta.

Ke hoeletsa ho Molimo, Ea holimo-limo,

Molimo ea tla nketsetsa tsohle.

A ke a nthomelle pholoho a le Ieholimong,

a soabise ba nkhatellang;

a romele mohau le ‘nete ea hae.

Molimo oa ka, u k’u phahame le ho feta maholimo,

letlotlo la hao le bonahale lefatšeng Iohle!

Hobane mohau oa hao o phahame

ho ea fihla le maholimong,

‘nete ea hao ho ea fihla marung.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (3,13-19)

A biletsa ho eena bao a ba batlang.

 Ka nako eo, Jesu a nyolohela thabeng ‘me a biletsa ho eena bao a ba batlang. Ba tla ho eena, ‘me a khetha ba leshome le metso e ‘meli, ba tla lula le eena, bao a tla ba roma ho ruta; a ba neha le matla a ho leleka mademone.

A beha ba leshome le metso e ‘meli, e leng Simone, eo a mo rehileng Iebitso la Peterosi, Jakobo mor’a Zebedea le Joannes ngoan’abo Jakobo, bao a ba rehileng Iebitso la Boanergese, ke ho re bara ba sealuma; Andrease, Filipi, Bartholome, Matheus, Thomas, le Jakobo mor’a Alfea, Thaddea, Simone Mokanana, le Judase Iskariota, eena ea ileng a mo eka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Pherekhong 2024

Read Next

La 20 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular