Labone
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. 18.6-9;19,1-7
Saule, motsoali oa ka, o batla ho u bolaea.
Matsatsing ao, ha ho khutleloa hae, Davida a tsoa bolaea mo-Filista, basali ba tsoa ka metse eohle ea Israele ho tla khahlametsa khosi Saule ba bina, ba hlakisa, ba tilinya meropa, e le mehoo ea thabo feela, ho Ila mashoehle-shoehle. Basali ba hlakisang ba phokola pina, ba re: Saule o bolaile ba hae ba sekete, Davida o bolaile ba hae ba mashome a likete.
Saule a halefa haholo, taba ena ea mo hlaba. A re: Ba nehile Davida ba mashome a likete, ‘me ‘na ba ‘nehile ba sekete feela. Ha a sa haelloa ke letho, ha e se ho ba khosi feela. Ho tloha mohlang oo, Saule a sheba Davida ka ihlo le lebe.
Saule a bua le Jonathane mor’a hae, le bahlanka bohle ba hae ka tsa ho bolaea Davida. Empa Jonathane, mor’a Saule, o n’a mpa a rata Davida haholo. Joale Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule motsoali oa ka, o batla ho u bolaea. Ka baka leo u itlhokomele ho tloha hosasa hoseng. U ipate moo u sa tl’o bonoa. Ha e le ‘na, ke tla ea le ntate tšimong eo u tla beng u le ho eona; ke tla u buella ho ntate, ke bone hore na ho joang, ebe kea u tsebisa.
Jonathane a bua hantle ka Davida ho Saule, ntat’ae, a re ho eena: khosi e se k’a mp’a etsa mohlanka oa eona Davida hampe hobane le eena ha a ka a u etsa hampe, ebile liketso tsa hae li bile molemo haholo ho uena. O ile a u tella le bophelo ba hae, ha a tla ea bolaea Mo-Filista, ‘me ka eena Morena o sitsitse Israele eohle ka tlholo e kholo. U e bone le uena ua ba ua e thabela. Joale u ka siteloa mali a se nang molato joang, ka ho bolaela Davida lefeela na?
Saule a mamela lentsoe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Morena ea phelang, ha a ka ke a bolaoa.
Eaba Jonathane o bitsa Davida, ‘me o mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a nt’o mo khutlisetsa ho Saule, ‘me Davida a boela a mo sebeletsa joaloka pele.
PESALEMA 55 (2-3.9-13.)
KE TŠEPILE MOLIMO, HA KE SA TŠABA.
Nkhauhele, Molimo, hobane batho ba nkhateletse
ba ntoantšang ba ntšoenya tsatsi lohle.
Lira tse mahlo a nchocho li nkhatella tsatsi lohle
ba ntoantšang ke bongata bo se nang palo.
U tsebile tsa boleleri ba ka:
Ak’u bokelle meokho ea ka ka lekukeng la hao.
Joale lira tsa ka li tla checha,
mohla ke hoeletsang ho uena;
Hobane kea tseba Molimo o eme le ‘na.
Ke tšepile Molimo eo ke rorisang polelo ea hae,
Morena eo ke rorisang polelo ea hae.
Ke tšepile Molimo, ha ke sa tšaba;
motho a ka nketsa’ng?
Ke tlanngoe ke likano tseo ke u etselitseng tsona,
Molimo oa ka, ke tla u nyehela mahlabelo a teboho.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoałg ke Mareka. (3,7-12)
Meea e litšila e hooa, e re: “U Mor’a Molimo”, empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.
Ka nako eo Jesu a ikela le barutuoa ba hae nqa ea leoatle ‘me a saloa morao ke bongata bo boholo ba batho bo tsoang Galilea, Judea, Jerusalema, Idumea, le naheng e mose ho Jordane, le tikolohong ea Tire le Sidone.
Ha batho ba utloa tseo a li etsang, ba tla ho eena ka bongata bo boholo. A bolella barutuoa ba hae ho mo lokisetsa sekepana, ka baka la letšoele, hore batho ba tle ba se ke ba mo petetsa. Hobane, ka ha a n’a folisa ba bangata, ba ne ba horometsehela ho eena, ba tle ba mo ame. ‘Me meea e litšila, ha e ‘mona, e ne e itihela fatše ka pel’a hae, e hooa, e re: “U Mor’a Molimo”. Empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.
