Labotšelela
Ho baloa Lengolong Ia Pele Ia Moapostola Joannes. (5,5-6.8-13)
“Moea, metsi le mali.”
Baratuoa! Ke mang ea hlolang lefatše, ha e se ea lumelang hore Jesu ke Mor’a Molimo? Ke eena Jesu Kriste ea tlileng ka metsi le ka mali; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka mali. ‘Me ke Moea o pakang hona, hobane Moea ke ‘nete. Ka hoo lipaki li tharo: ke Moea, metsi le mali ‘me tse tharo tsena li ntsoe-leng.
Ha eba re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Molimo bo boholo ho feta, hobane ke bona bopaki boo Molimo a pakileng Mora oa hae ka bona. Ea lumelang ho Mora oa Molimo, o na le bopaki ba Molimo ka ho eena. Ea sa lumeleng ho Mora, o shanofatsa Molimo, hobane ha a lumele bopaki boo a pakileng Mora oa hae ka bona.
Joale bopaki ke bona: Molimo o re nehile bophelo bo sa feleng, ‘me bophelo bona bo ho Mora oa hae. Ea nang le Mora o na le bophelo: ea se nang Mora ha a na bophelo.
PESALEMA 147 (12-13.14-15.19-20.)
TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.
Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,
rorisa Molimo oa hao, uena Sione.
O tiisitse mekoallo ea menyako ea hao,
o hlohonolofalitse bana ba phelang ka ho uena,
O entse hore khotso e be meeling ea hao,
o u khorisa koro e khethehileng.
O romela litaelo tsa hae lefatšeng,
molaetsa oa hae o matha ka potlako.
O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,
o nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.
Ha ho sechaba se seng
seo a kileng a se etsetsa joalo,
a se senolela likahlolo tsa hae.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1,6-11)
“U Mor’a ka ea ratehang, ke khahloa ke uena.”
Ka nako eo, Joannes Mohlatsoi o n’a ruta, a re: Ka morao ho ‘na, ho tla tla ea matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleng le ho inama ho lokolla maqhoele a meqathatso ea hae. ‘Na ke le hlatsoitse ka metsi, athe eena o tla le hlatsoa ka Moea o Halalelang.
Matsatsing ao, ha etsahala hore Jesu a tlohe Nazaretha e Galilea a e’o hlatsuoa ke Joannes nokeng ea Jordane. Eare ha a e-tsoa metsing, a bona maholimo a phetlehile, le Moea o theohela ho eena joaloka leeba. ‘Me ha utloahala lentsoe le tsoang leholimong, le reng: U Mor’a ka ea ratehang, ke khahloa haholo ke uena.
