Vinkmag ad

Letofe e tla ka lintlafatso

Mokete oa Letofe Lifestyle Festival oa selemo sa 2026 o lebelletsoe ho ba le seabo se seholo ho phahamiseng talenta ea Basotho, ho khothaletsa bohahlaoli le ho matlafatsa kholo ea moruo ka ho hohela bahahlaoli, batseteli le barati ba bochaba le boithabiso.

Ka boitokisetso ba mokete ona, bahlophisi ba se ba qalile ho hlophisa Holo ea Liboka ea Manthabiseng, e leng sebaka se khethiloeng ho amohela palo e kholo ea batho le ho nolofatsa tsamaiso ea mokete. Tsena li tekiloe ‘mokeng oa baphatlalatsi o bileng Maseru, ka la 11 Pulungoana monongoaha.

 E mong oa batšehetsi ba baholo ba mokete ona, Monghali Manyathela Kheleli ho tsoa Bankeng ea Standard Lesotho o re banka e bile le tšebelisano-‘moho ea nako e telele le bahlophisi ba   mokete ka lilemo tse 17, ka sepheo sa ho phahamisa boithabiso le talenta ea Basotho.

A re Letofe Lifestyle Festival ha se feela mokete oa boithabiso, empa ke sethala se kenyang letsoho ntlafatsong ea moruo kaha se hohela baeti ba tsoang libakeng tse fapakaneng kantle ho naha, e leng se thusang likhoebo kahare ho naha ho fumana bareki le menyetla ea mesebetsi. A supa hore tšehetso ea bona e reretsoe ho netefatsa hore talenta ea Basotho e fumana monyetla oa ho hlahella le ho qothisana lehlokoa le ea linaha tse ling.

Mohlophisi oa mokete Monghali  Montoeli ‘Moleli o boletse hore ba qalile ka 2005  Lebaleng la Setsoto pele o fallela Thaba-Bosiu, moo o ileng oa tšoareloa teng ka lilemo tse 12. O itse phetoho ea sebaka ha se ntho e ncha ho mokete ona kaha sepheo esale e le ho o holisa le ho o fetisetsa boemong bo phahameng.

A hlalositse hore ho tloha Thaba-Bosiu ho ea Holong ea Liboka ea ‘Manthabiseng, ho susumelitsoe ke liqholotso tse neng li ama ho fihleleha ha sebaka, sephethe-phethe le ho atleha ho amohela batho ba bangata.

A re holo ea ‘Manthabiseng e tla thusa ho fokotsa tšubuhlellano, ho ntlafatsa phallo ea batho ba tlabeng ba tlile moketeng, e le ho fana ka sebaka se lekaneng bakeng sa mesebetsi e fapakaneng ea mokete. A bontša hore mokete o tla hola ho feta lipina, ka ho kenyeletsa Tourism Hub, e le ho matlafatsa khokahano pakeng tsa bohahlaoli, meetlo le boithabiso.

O khothalelitse batho ho sebelisa likoloi tse hiriloeng le ho latela litaelo tsa bahlophisi mabapi le libaka tseo ho bolokoang likoloi, kaha ho lebelletsoe hore likoloi tse ling li tla bolokoa libakeng tse bulehileng kantle ho jarete ea setsi. A  hatella bohlokoa ba hore bahahlaoli ba tsoang kantle ho naha ba se ke ba tla ka letsatsi la mokete feela, empa ba fihle pele ho oona le ho lula matsatsi a seng makae kamor’a hore o phetheloe, kaha sena se tla ba fa monyetla oa ho etela libaka tse ling tsa bohahlaoli kahare ho naha le keketseho ea chelete e kenang likhoebong tsa Basotho.

 Motlatsi e Moholo oa Mok’homishenara oa Sepolesa, ACP Moerane, o itse sepolesa se ikemiselitse ho sebetsa ‘moho le bahlophisi ho netefatsa polokeho ea sechaba le taolo ea sephethe-phethe nakong ea mokete.

A bontša hore Maseru ke khubu ea naha, ‘me ho bohlokoa hore litsela le libaka tse tlabeng li pota-potile mokete li laoleha hantle, e le ho netefatsa hore baeti ba natefeloa ntle le tšitiso.

Motšehetsi e mong oa mokete, Mofumahali Limakatso Mokobocho oa Kampani ea Alliance, o itse ke maikemisetso a bona ho bona hore sechaba se keteka se bolokehile le ho khothaletsa bohahlaoli ho tla ka bongata. A phethela ka ho bontša hore Letofe Lifestyle Festival ke e ‘ngoe ea liketsahalo tse ka thusang ho beha Lesotho ‘mapeng oa bohahlaoli ka ho hohela baeti ba tsoang kantle ho naha.

Ka kakaretso, Letofe Lifestyle Festival ha e sa le taba ea ‘mino le boithabiso feela, empa e fetoha sethala sa khoebo, bohahlaoli, bochaba le ntšetsopele ea moruo, ka ho kopanya batšehetsi, likhoebo, mapolesa, bahahlaoli le sechaba. Mokete ona o fana ka monyetla oa hore Basotho ba rue molemo ka talenta, litšebeletso le lihlahisoa tsa bona. Letofe ke poho!

Vinkmag ad

Read Previous

Theko e hahara chelete ea Basotho

Most Popular