Vinkmag ad

La 19 Pulungoana 2026

Beke ea 33 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Tsenolo. (5:1-10)

“Konyana, e kang e hlabiloe, e re lopolotse rona, batho ba lichaba tsohle ka mali a eona.”

‘Na Joannes, ka bona letsohong le letona la ea lutseng teroneng buka e ngotsoeng kahare le kantle, e tiisitsoeng ka litiiso tse supileng. ‘Me ka bona lengeloi le matla le hooang ka lentsoe le phefa, le re: Ke mang ea lokelang ho phetla buka le ho lokolla litiiso tsa eona na?

Empa ho ne ho se motho leholimong kapa lefatseng, leha e le ka tlas’a lefatse, ea ka phetlang buka hore a e bale. Ka lla habohloko, hobane ho ne ho se ea fumanoeng a lokela ho phetla buka hore a e bale. Ke ha le Ieng la

maqheku la re ho ‘na: U se ke ua Ila. Bona, tau ea leloko la Juda, e Ieng lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka eo le ho lokolla litiiso tse supileng tsa eona.

Ka ba ka bona bohareng ba terone, har’a libopuoa tse ‘ne tse phelang le maqheku, Konyana e emeng, e kang e hlabiloe, e lii;iaka tse supileng !e mahlo a supileng, e Ieng meea e supileng ea Molimo e rometsoeng lefatseng lohle. Konyana eo ea tla, ea nka buka letsohong le letona

la ea lutseng teroneng.

Ha e ntse e nka buka, libopuoa tse phelang tse ‘ne le maqheku a mashome a mabeli a metso e mene a itihela fatse ka pel’a Konyana, le Ieng le le Jeng le tsoere harepa le lipitsana tsa gauda tse tletseng monko o monate, e Ieng lithapelo tsa bahalaleli.

A bina sef ela se secha, a re: Ho u loketse ho nka buka le ho lokolla litiiso tsa eona, hobane u ile ua hlajoa ‘me, ka mali a hao, ua lopollela Molimo batho ba meloko eohle, ba maleme ‘ohle, ba merabe eohle le ba lichaba

tsohle. U ba entse ‘muso oa baprista bore re sebeletse Molimo oa rona, ‘me ba tla busa lefatse.

PESALEMA 149

U RE ENTSE BA LELOKO LA BORENA LE

BAPRISTA BAKENG LA MOLIMO OA RONA.

Binelang Morena sefela se secha,

le mo roke phuthehong ea metsoalle ea hae.

Israele a ke a ithabele ka ‘Mopi oa hae,

bana ba Sfone ba nyakalle ka khosi ea bona.

U RE ENTSE BA LELOKO LA BORENA LE

BAPRISTA BAKENG LA MOLIMO OA RONA.

Ba ke ba rorise lebitso la hae ka mehobelo,

ba mo roke ka meropana le harepa;

hobane Morena o khahliloe ke sechaba sa hae,

o sitsa ba hlophehileng ka pholoho.”

U RE ENTSE BA LELOKO LA BORENA LE

BAPRISTA BAKENG LA MOLIMO OA RONA.

Metsoalle ea hae e tla ba motlotlo,

e hooe ka thabo ha e itihela ka pele ho eena;

e phafe Molimo ka lentsoe le phefa:

ke bona boitumelo ba metsoalle eohle ea hae.

U RE ENTSE BA LELOKO LA BORENA LE

BAPRISTA BAKENG LA MOLIMO OA RONA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (19:41-44)

“Hoja u tsebile tseo e ka bang khotso ho uena!”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a atamela Jerusalema, me a bona motse, a o Bela, a re: Roja ka letsatsi lena la hao, u tsebile le uena, tseo e ka bang tsa khotso ho uena! Empa joale Ii u siretse. Hobane matsatsi a tla u

oela holimo, ao ka ‘ona lira tsa hao Ii tla u lika-liketsa ka lengope, li u teela hare, Ii u patise ka nqa tsohle. Li tla u lihela fatše le bana ba hao ba Ieng ho uena; ‘me Ii ke ke tsa siea lejoe holim’a le Ieng ho uena, hobane ha ua ka ua tseba nako ea ketelo ea hao.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Pulungoana 2026

Most Popular