Vinkmag ad

La 16 Pulungoana 2026

Beke ea 33 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea T’šenolo. (1:1-4;2:1-5)

“Lemoha moo u oeleng teng, u bake.”

Ke ena tšenolo e tlileng ka Jesu Kriste. Tsena ke tseo a li nehiloeng ke Molimo, hore a tle a bontše bahlanka ba hae tse tlang ho etsahala haufi. Kriste a li romela ka Lengeloi ho mohlanka oa hae Joannes. Ke eena ea pakang Lentsoe la Molimo, a tiisang bopaki ba Jesu Kriste holim’a tsohle tseo a li boneng. Ho lehlohonolo ea balang, ea utloang mantsoe ana a boprofeta, ‘me ea bolokang tse ngotsoeng ho ‘ona, hobane nako e se e le haufi.

Joannes ho likereke tse supileng tse leng Asia: Le ke le etsetsoe mohau ‘me le nehoe khotso ke Ea leng teng, Ea bileng teng ‘me Ea tlang ho tla, le ke meea e supileng e emang pel’a terone ea hae.

Ka utloa Morena a re ho ‘na: Ngolla Lengeloi la kereke e Efese, u re: Ke tsena tse boleloang ke ea tšoereng linaleli tse supileng letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a mabone a supileng a gauda. Ke tseba mesebetsi ea hao, boikhathatso le tiisetso ea hao. U sitoa ho iphapanyetsa ba khopo. U nontse ba ipitsang baapostola empa e se bona, ‘me ua fumana hore ba leshano. Ua tiisetsa; u mnameletse mahloko ka baka la lebitso la ka, ‘me ha ua kả ua tepella. Empa ke u bona molato oa hore u khoehlile leratong la hao la pele. Ka baka leo lemoha moo u oeleng teng, u bake ‘me u boele mesebetsing ea hao ea pele.

PESALEMA 1

EA HLOTSENG KE TLA MO FA TOKELO EA HO

JA LITHOLOANA TSA SEFATE SA BOPHELO.

Ho lehlohonolo motho

ea sa lateleng keletso ea ba khopo,

ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,

ea sa luleng mokhatlong oa basomi;

empa e le ea khahloang ke molao oa Morena,

ea inahanang ka molao 00 nyene le bosiu.

EA HLOTSENG KE TLA MO FA TOKELO EA HO

JA LITHOLOANA TSA SEFATE SA BOPHELO.

O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,

se behang litholoana ka nako ea teng,

seo mahlaku a sona a sa poneng;

mesebetsi eohle ea hae ea atleha.

EA HLOTSENG KE TLA MO FA TOKELO EA HO

JA LITHOLOANA TSA SEFATE SA BOPHELO.

Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,

bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea;

hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,

athe tsela ea ba khopo ea timetsa.

EA HLOTSENG KE TLA MO FA TOKELO EA HO

JA LITHOLOANA TSA SEFATE SA BOPHELO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeno ke Luka. (18:35-43)

“U rata hore ke u etse’ng? Morena, ke bone!”

Ha etsahala hore ha Jesu a atamela Jeriko, sefofu se seng se ne se lutse pel’a tsela, se ntse se kopa, Eara ha se utloa letšoele le feta, sa botsa hore na taba ke’ng. Ba se bolella hore ke Jesu oa Nazaretha ea fetang. Eaba se hooa, se re: Jesu, Mor’a Davida u nkhauhele!

Ba neng ba le kapele ba se khalemela hore se khutse. Empa sona sa hooa ho feta pele: Mor’a Davida, u nkhauhele! Jesu a ema, a laela hore se tlisoe ho eena, Eitse ha se atametse, a se botsa, a re: U rata hore ke u etsetse eng? Sa re: Morena, ke bone!

Jesu a re ho sona: Bona! Tumelo ea hao e u pholositse. ‘Me hang sa bona, sa mo latela, se ntse se tlõtlisa Molimo, ‘me sechaba kaofela se boneng hoo sa rorisa Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Pulungoana 2026

Most Popular