Beke ea 32 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Boraro la Moapostola Joannes. (5-8)
“Re tsoanetse ho amohela bana babo rona, re tle re be bathusani le bona kanetsong ea ‘nete.”
Uena Gaiuse, motsoalle oa ka, u tšepahala ho tsohle tseo u li etsetsang bana babo rona, leha batho bao e le balichaba. Ba pakile lerato la hao pel’a phutheho e mona. Ak’u ba thuse ho ntšetsa pele leeto la bona ka mokhoa o lokelang Molimo. Efela ba nkile leeto ka baka la mosebetsi oa Kriste, ba sa amohele letho la bahetene. Rona re tsoanetse ho amohela ba joalo, re tle re be bathusani le bona kanetsong ea ‘nete.
PESALEMA 111
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Ho lehlohonolo motho ea tšabang Morena,
ea ithabelang ka melao ea hae.
Lesika la hae le tla ba matla lefatšeng,
moloko oa ba pelo li ntle o tla hlohonolofala.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Tlung ea hae ke menono le maruo,
toka ea hae e hlola ka mehla.
Ho ba khabane o hlaha joaloka leseli lefifing,
a le lereko, a le mosa ‘me a lokile.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Ho lehlohonolo motho ea mohau ‘me ea alimanang,
ea tsamaisang litaba tsa hae ka toka,
Hobane ha a na ho thekesela le ka mohla,
ea lokileng o tla hopoloa ka mehla eohle.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (18:1-8)
“Molimo o tla ahlolela bakhethuoa ba hae ba hooang ho eena.”
Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso, e ba bontšang hore ba tšoanetse ho rapela ka mehla, ba se ke ba khathala. A re: Ho ne ho le teng motseng o itseng moahloli ea sa ts’abeng Molimo, ‘me ea sa reng letho ka motho. Motseng oo ho ne ho le teng mohlolohali e mong ea neng a ntse a e-tla ho eena, a re: U nkahlolele ho eo re tsekisana le eena. Moahloli a hana ka nako e telele. Empa qetellong a re ka ho eena: Leha ke sa ts’abe Molimo ‘me ke sa re letho ka motho, mohlolohali enoa oa nkhathatsa. Ke tla mo ahlolela ka baka leo, e se re a ntuba hloho ka ho tla ka mehla.
Morena a eketsa a re: Utloang seo moahloli ea khopo a se bolelang! Ana Molimo a ke ke a ahlolela bakhethuoa ba hae ba hooang ho eena nyene le bosiu? Na o tla ba liehela? Kea le bolella, o tla ba ahlolela kapele-pele. Empa mohla Mor’a motho a tlang, na le hopola hore o tla fumana tumelo lefatšeng?
