Vinkmag ad

La 7 Pulungoana 2026

Beke ea 31 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filippi. (4:10-19)

”Nka etsa tsohle ka eena ea ‘matlafatsang.”

Bana beso! Ke thabile haholo Moreneng, hobane qetellong le boetse le qalile ho mpaballa. Hase hore le ne le tlohetse ho mpaballa, empa ha lea ka la fuoa sebaka sa ho etsa joalo. Ha ke bue joalo ka baka la ho hloka,

hobane ke ithutile ho ba khotso ka tsohle tse ntlhahelang. Ke tseba bohloki, ke tseba le nala. Ke ithutile kahohle le ka mekhoa eohle ho khora le ho lapa, nala le bofutsana. Nka etsa tsohle ka eena ea ‘matlafatsang. Leha ho le joalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing tsa ka.

Le Iona Ba-Filippi lea tseba, mohla ke qalang ho ruta Evangeli, ha ke tloha Makedonia, ha ho kereke e ileng ea kopana le ‘na ka ho fana le ka ho amohela, ha e se Iona le inotsi. Efela ha ke le Thessalonika, la

nthomella ka makhetlo a mabeli seo ke se hlokang. Ha se hore ke batla limpho, ke mpa ke bala hore e be Iona ba fumanang phaello. Joale ke amohetse tsohle, Ii bile Ii feta tekanyo! Ha ke sa hloka letho, kaha ke amohetse tseo le Ii rometseng ka Epafrodita, e le ntho e monko o monate, sehlabelo se amohelehang ho Molimo, ‘me se mo khahlisang. Molimo oa ka a ke a le thuse ka tsohle tseo le Ii hlokang, ka ho ea ka menono ea hae Ietlotlong, ka Kriste Jesu.

PESALEMA 111

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.

Ho lehlohonolo motho ea tšabang Morena,

ea ithabelang ka melao ea hae.

Lesika la hae le tla ba matla lefatšeng,

moloko oa ba pelo Ii ntle o tla hlohonolofala.

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.

Ho lehlohonolo motho ea mohau ‘me ea alimanang,

ea tsamaisang litaba tsa hae ka toka,

hobane ha a na ho thekesela le ka mohla,

ea lokileng o tla hopoloa ka mehla eohle.

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.

 Pelo ea hae e tiile, e matlafetse,

ha a na ho tšaba.

O fana ka matsoho a mabeli ho bahloki.

toka ea hae e hlola kamehla.

O tlotlisoa ka ho nehoa matla.

HO LEHLOHONOLO MOTHO EA TŠABANG MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16:9-15)

“Ha eba le sa tsepahale maruong a lefatse lena, ke mang ea tla beha maruo a ‘nete kalosong ea lona?”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Iketsetseng metsoalle ka maruo a lefatše lena le khopo, hore mohla a le fellang, le tsebe ho amoheloa lehaeng le sa feleng.

Ea tšepahalang tabeng e nyenyane o tla tšepahala le tabeng e kholo, athe ea sa lokang tabeng e nyenyane a ke ke a loka le tabeng e kholo. Ha eba le sa tšepahala maruong a lefatše lena, ke mang: ea tla beha maruo a

‘nete kalosong ea Iona? ‘Me ha eba le sa tšepahala ho seo e Ieng sa e mong, ke mang ea tla le neha seo e Ieng sa Iona?

Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla hanella ho e mong, a khese e mong. Le sitoa ho sebeletsa Molimo hammoho le maruo.

Joale Bafarisi, ba neng ba rata chelete haholo, ba mo tšeha ha ba utloa tseo tsohle. Jesu a re ho bona: Lona, le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Molimo o tseba Iipelo tsa lona; hobane seo batho ba se

shebileng e le se phahameng, se nyonyeha mahlong a Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Pulungoana 2026

Most Popular