Beke ea 31 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (3:17-4:1)
“Re lebeletse hore O tla fetola, ‘mele ea rona e nyelisehang, a e etse e tšoanang le ‘mele oa hae o tlotlisitsoeng.”
Bana beso! Bohle le be baetsisi ba ka, ‘me le talime ba tsamaeang ka ho latela mohlala oo re le behetseng oona. Hobane ba bangata, bao ke seng ke buile ka bona hangata, le hona joale ke sa ba bolela hape ka meokho, ba tsamaea e le lira tsa sefapano sa Kriste. Qetello ea bona, e tla ba timelo: molimo oa bona ke mpa ea bona ‘me ba ithorisa ka tse lihlong tsa bona; ba hopola tsa lefatše feela.
Ha e le rona, lehae la rona le leholimong; re lebeletse, ka takatso e kholo, hore Morena Jesu Kriste o tla hlaha teng e le mopholosi oa rona.O tla fetola ‘mele ea rona e nyelisehang, a e etse e tšoanang le ‘mele oa hae o tlotlisitsoeng, ka matla ao a nang le ona a ho beha tsohle ka tlaša hae. Ka baka leo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsoeng haholo, lona thabo ea ka le mofapahloho oa ka, tieang joalo Moreneng, baratuoa.
PESALEMA 121
KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.
Ke ile ka thaba ha ho thoe họ na:
“A re eeng Tlung ea Morena.”
Joale maoto a rona a se a hatile
likhorong tsa hao, uena Jerusalema.
KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.
Jerusalema e hahiloe e le motse
oo tsohle tsa oona li matahaneng hamonate.
Meloko eohle, e leng meloko ea Morena,
e nyolohela teng ho boka Morena,
ho ea kamoo Israele a laetsoeng kateng.
KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.
Ke moo ho behiloeng litulo tsa kahlolo,
litulo tsa ntlo ea Davida.
Kopelang Jerusalema khotso, le re:
“Ba u ratang ba ke ba pholohe.”
KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16:1-8)
“Bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.”
Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: Ho n’o le teng motho e mong oa morui, ea neng a e-na le molisa oa lintho tsa hae; ‘me eo a qosoa ho eena ka hore o sentse leruo la hae. A ‘mitsa, a re ho eena: Ke’ng sena seo ke se utloang ka uena na? Hlahisa tsa bolisa ba hao, hobane ha u sa tla ba molisa oa lintho tsa ka. Molisa a re ka ho eena: Ke tla etsa joang, ha e le mona moren’a ka a nkamoha bolisa? Ho phethola mobu? Ha ke na matla a lekanang. Ho kopa? Ke lihlong ho etsa joalo. Be! Ke tseba seo ke tla se etsa, hore ha ke se ke tlositsoe boliseng, batho ba nkamohele matlung a bona.
Eaba o bitsa ba nang le molato ho mong’a hae ka bonngoe, ‘me a re ho oa pele: Ana u na le molato oa bokae ho mong’a ka na? Eena a re: Linkho tse lekholo tsa oli. Eaba o re ho eena: Nka lengolo la molato, lula fatše kapele, u ngole mashome a mahlano. A nt’o re ho e mong: Uena, u na le molato oa bokae na? Eo a re: Mekotla e lekholo ea koro. “Me a re ho eena: Nka lengolo la hao me u ngole mashome a robeli.
Mong’a molisa eo ea khopo a mo rorisa, hobane o n’a entse ka masene, ka ha bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.
