Beke ea 28 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese. (1:11-14)
”Rona re tšepile Kriste pele. Lona le tšoailoe ka Moeao Halalelang”.
Bana beso ! Ke ho Kriste re entsoeng Iefa Ia Molimo ka ho khethoa e sa le pele, ho ea ka thato ea Ea sebetsang tsohle ka ho rata ha hae feela, e le hore thorisong ea Ietlotlo Ia hae, e tie e be rona ba tšepileng Kriste pele.
Ka mokhoa o joalo, le Iona, hoba le utloe ‘me le lumele lentsoe Ia ‘nete, Molaetsa oa pholoho ea Iona, ke ka Kriste le tsoailoeng ka Moea o Halalelang oo le o baletsoeng.
Moea ona ke tšepiso ea lefa Ia rona le tlang, ho fihlela ha ho phethahala topollo ea bao Molimo a ikhapetseng bona, bakeng Ia thoriso ea letlotlo la hae.
PESALEMA 32
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA
A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA
HAE.
Etsetsang Morena Litlatse, lona ba lokileng,
ba lokelang ho mo rorisa ke ba pelo Ii ntle.
Bokang Morena ka harepa,
le mo letsetse cithara.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA
A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA
HAE.
Hobane lentsoe Ia Morena ke la ‘nete,
Le mesebetsi ea eohle ea hae e tiile.
Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.
O rata toka, o hloka leeme,
Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA
A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA
HAE.
Ho lehlohonolo sechaba seo
Morena e Ieng Molimo oa sona,
seo a ikhethetseng · sona ho ba lefa la hae.
Morena o talima a le maholimong, o bona bana bohle ba hae.
HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:1-7)
“Liqoba tsa moriri oa lona li baliloe kaofela”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hlokomelang tomoso, ke hore boikaketsi ba bafarisi. Hobane ha ho letho le koahetsoeng le sa tl’o koaholloa, leha e le le patehileng le sa tl’o tsejoa. Etsoe tsohle tseo le li
buileng lefifing Ii tla boleloa leseling; le tsohle tseo li Ii nyenyelelitseng tsebeng ka liphaposing Ii tla hoeletsoa marulelong a matlo.
Ha ho le joalo, ke re ho Iona, metsoalle ea ka, le se ke la tšaba ba bolaeang ‘mele, ‘me kamorao ho moo, ha ba sa na letho leo ha ka le etsang. Empa ke tla le bontša eo le tšoanetseng ho mo tšaba: tšabang eo, ekareng ha a bolaile, a ba le matla a ho lahlela liheleng. E, ke re ho Iona: eo, le mo tšabe. Ana robele tse, hlano ha li rekisoe sente tse peli? ‘Me ha ho leha se le, seng sa tsona se lebaloang ke Molimo. Ho feta moo, esitana le liqoba tsa moriri oa Iona Ii baliloe kaofela. Ha ho le joalo, se tšabeng, le hlokahala ho feta lirobele.
