Marokho a Mabunyaneng le Khubelu, a nehelanoe ke Letona la Lihloeliloeng, Mohlomphehi Mohlomi Moleko le Mohlomphehi Pemmy Majodina Letona la Metsi le Bohloeki la Afrika Boroa. Tsena li etsahetse Mokhotlong, ka la 11 Loetse monongoaha.
Tsena lietsahala e le karolo ea ketekelo ea lilemo tse 40 Morero oa Metsi a Lihlaba o ntse o sebetsa, ebile e le karolo ea tse ling tsa ho phethahatsoa ha lit’sepiso tse ling tse morerong oa bobeli oa khaho ea letamo la Polihali
Marokho ana a mararo a maholo a hahiloe tlas’a Mokhahlelo oa bobeli oa Morero oa Metsi a Lihaaba tsa Lesotho (LHWP), kamor’a borokho ba Senqu.
Marokho ana a tla thusa ho boloka tsela ea naha ea A1 e bulehile, ho nolofaletsa bana ho ea likolong, lihoai ho fihla mebarakeng le bakuli ho fumana litšebeletso tsa bophelo, le nakong eo metsi a letamo a fihlang boemong bo phahameng.
Morero ona o boetse o thehile menyetla ea mesebetsi le koetliso bakeng sa Basotho. Khaho ea Marokho a Mabunyaneng le Khubeli a ke ntse letsoho ntlafalong ea moruo oa sebaka sena ka boleng ba M218.2Millione.
