Vinkmag ad

La 19 Loetse 2026

Beke ea 24 e har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (15:35-37.42-49)

“Ho jaloa ‘mele o bolang, ho tla tsoha o sa boleng.”

Bana beso! E mong o tla re: Bafu ba tla tsoha joang na? Ba tla khutla ka ‘mele o joang? Sethoto tooe!Seo u se jalang se ke ke sa boela sa phela, ha se sa shoe pele. ‘Me ha u jala, ha u jale semela se seng se le teng ka ho tlala, u mpa u jala hlaku feela, kapa ea koro Ieha e le ea ntho e ‘ngoe.

Ho joalo le tsoho ea bafu. Ho jaloa ‘mele o bolang, ho tla tsoha o sa boleng; ho jaloa ‘mele o nyelisehang, ho tla tsoha o tlotlisitsoeng; ho jaloa ‘mele o fokolang, ho tla tsoha o matla; ho jaloa ‘mele oo e Ieng oa botho

feela, ho tla tsoha o phelisoang ke Moea. Ha ‘mele o le teng oo e Ieng oa botho feela, le oona o phelisoang ke Moea o teng.

Hobane ho ngotsoe ho thoe:

Motho oa pele, Adama, o entsoe motho ea phelang; Adama e mocha eena o entsoe moea o phelisang. Seo e Ieng sa moea hase sona se bileng teng pele, empa ke seo e Ieng sa botho, ha nt’o hlaha seo e Ieng sa moea.

Motho oa pele ea tsoileng mobung ke oa lefatse; motho oa bobeli eena o tsoa leholimong. Seo motho oa lefatše a Ieng sona, le ba lefatše ba sona; ‘me seo oa leholimo a Ieng sona; le ba leholimo ba sona. Joaloka ha

re futsitse oa lefatše, le teng re tšoanetse ho futsa oa leholimo.

PESALEMA 55

KE TLA TSAMAEA PEL’A MORENA LESELING LA BA PHELANG.

Lira tsa ka Ii tla checha,

mohla ke hoeletsang ho uena;

hobane kea tseba Molimo o eme le ‘na.

KE TLA TSAMAEA PEL’A MORENA LESELING LA BA PHELANG.

Ke tšepile Molimo eo ke rorisang polelo ea hae,

Morena eo ke rorisang polelo ea hae.

Ke tšepile Molimo, ha ke sa tšaba;

motho a ka nketsa’ng?

KE TLA TSAMAEA PEL’A MORENA LESELING LA BA PHELANG.

Ke tlanngoe ke likano tseo

ke u etselitseng tsona, Molimo oa ka,

ke tla u nyehela mahlabelo a teboho,

hobane u mphemisitse lefu,

hore ke tie ke tsamaee pel’a hao, Molimo,

leseling Ia ba phelang.

KE TLA TSAMAEA PEL’A MORENA LESELING LA BA PHELANG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8:4-16)

“Ho oetseng mobung o motle ke ba utloileng lentsoe ka

lipelo tse ntle, tse lokileng, ba le boloka ‘me ba beha litholoana ka tiisetso.”

Ka nako eo, ha letšoele le leholo le ne le phutheha, ‘me batho ba tsoang metseng eohle ba ne ba leba ho Jesu, a bua ka papiso, a re:

Mojali o n’a tsoile ho ea jala peo ea hae. Ha a jala, peo e ‘ngoe ea oela pel’a tsela. Ea hatakeloa, ‘me linonyana tsa Ieholimo tsa e nokola. E ‘ngoe ea oela mokurutla neng, ‘me eare e sa tsoa mela, ea omella ke ho hloka

mongobo. E ‘ngoe ea oela har’a meutloa, ‘me meutloa ea mela hammoho le eona, ea e bipetsa. E ‘ngoe ea oela mobung o motle, ‘me ha e metse, ea bea halekholo. Eitse ha a boletse tseo, a hooa a re: Ea nang le Iitsebe tsa ho utloa, a utloe.

Barutuoa ba hae ba ile ba ‘motsa na papiso eo e re’ng. A re ho bona: Lona le nehiloe ho tseba liphiri tsa ‘Muso oa Molimo, empa ba bang ba Ii bolelloa ka lipapiso, e le hore, ha ba talima, ba se ke ba bona, ‘me ba utloa, ba se ke ba utloisisa. Joale seo papiso e se boleIang ke sena: Peo ke lentsoe Ia Molimo. Ba Ieng pel’a tsela ke ba utloang, empa kamorao diaboluse a tle, ‘me a tlose lentsoe lipelong tsa bona, esere mohlomong ba lumela ‘me ba pholosoa. Ba mokurutlaneng ke bao, ereng ha ba utloa lentsoe, ba le amohele ka thabo. Empa bona ba hloka metso, ba lumela ka nako e seng kae, ‘me ka nako ea teko ba koenehe. Ho oetseng meutloeng ke ba utloileng, empa ha ba ntse ba e-ea, ba bipetsoa ke likhathatso, maruo le menyaka ea bophelo, ‘me litholoana tsa bona ha Ii butsoe. Ho oetseng mobung o motle ke ba utloileng lentsoe ka lipelo tse ntle, tse lokileng, ba le boloka ‘me ba beha Iitholoana ka tiisetso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Loetse 2026

Most Popular