Vinkmag ad

La 15 Loetse 2026

Sehopotso sa Maria Movirigo ea Lehlohonolo ‘M’a Mahloko

Beke ea 24 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (5:7-9)

“Jesu o ile a ithuta mamelo, ‘me e bile mohloli oa pholoho e sa feleng.”

Ha a ntse a phela lefatšeng, ka mohoo o moholo le ka meokho Kriste o ile a hlahisa lithapelo le likopo tse matla ho ea ka mo pholosang lefung; a ba a mameloa ka baka la hlompho ea hae ho Molimo.

‘Me leha e ne e le Mora oa Molimo, a ithuta mamelo ka mahloko a hae. Ha a se a fihletse phetheho, e bile mohloli oa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.

Pesalema 30

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

Ke tšabela ho uena, Morena,

ke se ke mpe ka tlontlolleha le ka mohla.

U ‘namolele ka baka la ho loka ha hau,

U ntšekehele tsebe, phakisa u tl’o nthusetsa.

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.

Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

ua ntsamaisa,

bile ua ntataisa ho tlotlisa lebitso la hau.

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

U ntšoasolla lerabeng leo ba nchehileng ka lona,

hobane ke uena ea nqobeletsang, Morena.

Ke beha moea oa ka matsohong a hau;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

Ha e le ‘na, ke tšepile uena, Morena,

ke re: Ke uena Molimo oa ka.

Litšiu tsa ka li matsohong a hau;

u ‘namolele liatleng tsa lira le tsa bahlorisi ba ka.

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

Ke o mokakang molemo

o u o boloketseng ba u tšabang,

oo pontseng ea bana ba batho

u o etsetsang ba tšabelang ho uena.

U MPHOLOSE KA MOHAU OA HAU, MORENA.

Sefela sa ‘M’a mahloko

1. ‘M’a Mahloko o n’a ema pel’a sefapano, a nts’a lla ha ngoan’a hae a fanyehoa.

2. Moea oa hae o bohloko, o soabile ‘me o hlomohileng oa hlajoa ka lerumo.

3. O sareloa hakakang, ‘m’a rona ea halalelang, ‘m’a ngoana a inotši.

4. O n’a soaba, a sisimoha, ‘M’e ea mosa, ha a bona

mahloko a ngoana oa hae ea halalelang.

5. Na ke mang ea ke keng a lla, ha a bona ‘M’a Kriste litlokotsing tse kaalo?

6. ‘Me ke mang ea ke keng a hlomoha, ha a talima ‘M’a Kriste ea utloang bohloko le ngoan’a hae?

7. A bona Jesu a hlokofatsoa ka baka la libe tsa sechaba, a shapuoa ka liphafa.

8. A bona ngoan’a hae ea ratuoang a e-shoa a lahliloe,

ha a nehela moea.

9. Oho ‘M’e, mohloli oa lerato, etsa hore ke utloisise

bohloko bo boholo ba hao, ke tle ke le le uena.

10. Etsa hore pelo ea ka e chesehe ‘me e rate Kriste

Molimo oa ka, ke tle ke mo khahlise.

11. Oho ‘M’e ea halalelang, etsa hore maqeba a Ea thakhisitsoeng a ngoloe pelong ea ka.

12. U nkarolele mahloko a ngoana oa hao ea hlabiloeng,

ea ratileng ho utloa bohloko bo bokaalo, ka baka

la ka.

13. Etsa hore ke lle le uena, ke utloe bohloko le Ea

thakhisitsoeng, ka mehla ha ke phela.

14. Ke rata ho ema le uena pel’a sefapano le ho kopana

le uena lillong tsa hao tse bohloko.

15. Oho Movirigo ea hlonephehang har’a bavirigo, u se

ke ua nkhana, u mpe u ntlohele ke lle le uena.

16. U nthuse ho jara lefu la Kriste, ho ba le kabelo

mahlokong a hae le ho hlonepha maqeba a hae.

17. Etsa hore ke hlajoe ke maqeba ‘me ke nyakallisoe

ke sefapano le mali a Mor’a hau.

18. Ke namoleloe ke uena ka letsatsi la kahlolo, ke se

ke ke cha ke malakabe a mollo.

19. Oho Kriste, ha ke tloha lefatšeng, ke fumane palema

ea tlholo ka thuso ea ‘M’ao.

20. ‘Me ha ‘mele oa ka o e-shoa, etsa hore moea oa ka o fuoe tlotliso ea Paradisi. Amen, alleluia.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (2:33-35)

“Ha e le uena, lerumo le tla hlaba moea oa hau.”

Ka nako eo, ntata le ‘m’a Jesu ba ne ba Makala tse neng li boleloa ke Simeone. Simeone a ba hlohonolofatsa, ‘me a re ho Maria, ‘m’ae: Bona, ngoana enoa o behetsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Israeleng, le ho ba pontšo e tlang ho hanyetsoa, ha e le uena, lerumo le tla hlaba moea oa hao e le hore ho tle ho senoloe mehopolo ea lipelo tse ngata.

Vinkmag ad

Read Previous

Mokete oa Tlotliso ea Sefapano se Halalelang

Most Popular