Beke ea 22 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (2:10-16)
“Motho ka bo eena ha a utloisise seo e leng tsa Moea oa Molimo; motho ea nang le ona o hlalohanya tsohle.”
Bana beso! Moea o fuputsa tsohle, esita le tsa botebo ba Molimo. Ha e le mothong, ke moea oa hae o leng ka ho eena o ka tsebang tsa motho. Ka mokhoa o tšoanang ha ho ea ka tsebang tseo e leng tsa Molimo, ha e se Moea oa Molimo.
Rona, ha rea ka ra amohela moea oa lefatše lena, ha e se Moea o tsoang ho Molimo, e le hore re tsebe tse Molimo a re fileng tsona, ‘Me ha re bua ka tsona, lipoleło tsa rona hase tse hlalefileng te rutoang ke batho, empa ke tseo re li rutiloeng ke Moea oa Molimo, etsoe re hlalosetsa ba nang le Moea tsa moea.
Ha e le motho ea hlokang Moea oo ha a utloisise tseo e leng tsa Moea oa Molimo. Ho eena ke bohlanya ‘me o sitoa ho li utloisisa hobane li elelloa ka Moea. Athe motho ea nang le Moea oo o hlalohanya tsohle, kanthe eena ha a hlalohanngoe ke motho. Hobane ke mang ea tsebang khopolo ea Morena, a tle a mo rute? Ha e le rõna, re na le khopolo ea Kriste.
PESALEMA 144
MORENA O LOKILE LITSELENG TSOHLE TSA HAE.
Morena o mohau, o mosa,
o lieha ho halefa, o mehauhelo e mengata.
Morena o molemo ho bohle,
o hauhela mesebetsi eohle ea hae.
MORENA O LOKILE LITSELENG TSOHLE TSA HAE.
Morena, mesebetsi ea hao kaofela e ke e u lebohe.
metsoalle ea hao e ke e u boke.
E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hao,
e ke e bolele matla a hao.
MORENA O LOKILE LITSELENG TSOHLE TSA HAE.
Ho tsebisa bana ba batho matla a hao,
letlotlo le botumo ba puso ea hao.
Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,
o mohau liketsong tsohle tsa hae.
MORENA O LOKILE LITSELENG TSOHLE TSA HAE.
Morena o tsehetsa bohle ba khothometsehang,
‘me o kobolla bohle ba khokhopaneng.
Mahlo a bohle a u lebeletse,
hore u ba fepe ka nako ea teng.
MORENA O LOKILE LITSELENG TSOHLE TSA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (4:31-37)
“Kea tseba hore na u mang: U ea Halalelang oa Molimo.”
Ka nako eo, Jesu a theohela Kafarnauma, motseng oa Galilea, ‘me teng o n’a ba ruta ka matsatsi a lisabbatha. Ba ne ba makalla thuto ea hae, hobane ho ruta ha hae e ne e le hoa ea nang le matla.
Ho no ho le teng ka tlung ea thapelo motho ea nang le modemone o litšila, ea ileng a hooa ka lentsoe le phefa, a re: U re batla’ng, Jesu oa Nazaretha? Ana u tletse ho re timetsa? Kea tseba hore na u mang: U Ea Halalelang oa Molimo. Jesu a mo khalemela, a re: Thola, u b’u tsoe ho motho eo. Hoba modemone a lahlele motho eo fatše har’a bona, oa tsoa ho eena, o sa ka oa mo ntša kotsi.
Bohle ba tšoaroa ke tšabo: ‘me ba ne ba buisana, ba re: Polelo eo ke e joang? O laela meea e litsila ka matla le ka borena, ‘me ea tsoa! ‘Me botumo ba hae ba tlala kahohle naheng eo.
