Vinkmag ad

Sehopotso sa Bernard ea Halalelang, Ntat’a baitlami le Moruti oa Kereke.

La 20 Phato 2026

Beke ea 20 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (36:23-28)

“Ke tla le neha pelo e ncha, ke kenye moea o mocha ka ho lona.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla bonahatsa khalalelo ea lebitso le leholo la ka, le tlontlolohileng lichabeng tseo le le tlontlolotseng har’a tsona.

Lichaba li tla tseba hore ke ‘na Morena, mohla ke li bontšang khalalelo ea ka ka lõna. Ke tla le ntša lichabeng, ke le phuthe linaheng tsohle, ke le khutlisetse lefatšeng la habo löna. Ke tla le tšela ka metsi a hloekileng me le tla hloeka: ke tla le hloekisa litšileng tsohle tsa lona le melimong eohle ea löna, ea bohata.

Ke tla le neha pelo e ncha, ke kenye moea o mocha ka ho lona; ke tla tlosa pelo e thata ba lejoe sefubeng sa lona, ke le nehe pelo ea botho. Ke tla kenya moea oa

ka ka ho lona, ‘me ke tla etsa hore le tsamaee ka ho ea ka litaelo tsa ka, le boloke ‘me le phethe melao ea ka. Le tla aha naheng eo ke neng ke e nehe bo-ntat’a lona. Le tla ba sechaba sa ka, ‘me ‘na ke be Molimo oa lona.

PESALEMA 50 (12-15.18-19. R. Ez. 36:25)

KE TLA LE TŠELA KA METSI A HLOEKILENG, ‘ME LE HLOEKE, KE TLA LE HLOEKISA LITŠILENG TSOHLE TSA LONA.

Mpopele pelo e hloekileng, oho Molimo,

nchafatsa ka ho na moea o tiileng.

U se ntahlele hole le sefahleho sa hao,

u se nkamohe moea o halalelang oa hao.

KE TLA LE TŠELA KA METSI A HLOEKILENG, ‘ME LE HLOEKE, KE TLA LE HLOEKISA LITŠILENG TSOHLE TSA LONA.

U mpuseletse thabo ea pholoho ea hao,

ke tle ke tšehetsoe ke moea o motle.

Ba fosang ke tla ba ruta litsela tsa hao,

baetsalibe ba tla khutlela ho uena.

KE TLA LE TŠELA KA METSI A HLOEKILENG, ‘ME LE HLOEKE, KE TLA LE HLOEKISA LITŠILENG TSOHLE TSA LONA.

Hobane ha u khahloe ke sehlabelo,

leha nka u nyehela secheso, u ke ke ua se amohela.

Sehlabelo ho Molimo ke moea o robehileng;

pelo e robehileng, e matetetso,

uena Molimo ha u e khese.

KE TLA LE TŠELA KA METSI A HLOEKILENG, ‘ME LE HLOEKE, KE TLA LE HLOEKISA LITŠILENG TSOHLE TSA LONA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (22:1-14)

“Bohle bao le ba fumanang le ba bitsetse moketeng oa lechato.”

Ka nako eo, Jesu a bua le baprista ba baholo le bafarisi ka lipapiso, a re: ‘Muso oa maholimo o tšoantšoa ka morena ea ileng a etsetsa mor’a hae mokete oa lechato. A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba neng ba memiloe moketeng, empa bona ba hana ho tla.

A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang bamemuoa: Bonang, ke se ke lokisitse lijo tsa ka tsa mokete, lipholo le linonneng tsa ka li hlabiloe, tsohle li lokile, tlong moketeng oa lechato. Empa bona ba se ke ba tsota, ba ikela, e mong polasing ea hae, e mong khoebong ea hae; ‘me ba bang ba tšoara bahlanka ba hae, ba ba hlokofatsa, ‘me ba ba bolaea.

Morena a halefa, ‘me a romela makhotla a hae ho ea timetsa babolai bao le ho chesa motse oa bona. Joale a re bahlanka ba hae: Mokete oa lechato o lokile, empa ba neng ba memiloe ba ne ba sa tšoanele. E-eang ke hona mateanyetsong a litsela, ‘me bohle bao le ka ba fumanang le ba bitsetse moketeng. Eaba bahlanka bana ba tsoela litseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang ba babe le ba lokileng, ‘me ntlo ea mokete ea tlala ba lutseng lijong.

Morena a kena ho sheba ba lutseng lijong; a bona teng mnotho ea sa aparang seaparo sa mokete. A re ho eena: Motsoalle, u kene joang mona, u se na seaparo sa mokete na? Empa eena a thola. Eaba morena o re ho basebeletsi ba hae: Mo tlameng matsoho le maoto, le mo lahlele kantle, lefifing; moo ho tla ba teng lillo le litsikitlano tsa meno.

Efela ba bitsitsoeng ba bangata, empa ba khethiloeng ha ba bakae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 19 Phato 2026

Most Popular