Lekala la Tikoloho le Meru le ketekile le bo-ramehlape ‘moho le balisana Letsatsi la Lefatše la Makhulo ka ho ba abela likatiba tse 70, lieta tsa likhohlopo tse 50 le ho ba fa lengolo la molao oa motheho la mokhatlo oa bona oa Paballo ea Tikoloho le Makhula. Mokete ona o bile Ha ‘Matsa tikolohong ea Matelile ka la 19 Phato monongoaha.
H’a bua le balisana ba neng ba phuthehile ka bongata, Letona la Tikoloho le Meru Mohlomphehi Thabo Mofosi, o itse Mosotho ka mong o lokela ho ela hloko bohlokoa ba ho baballa le ho sireletsa tikoloho, kaha tsohle tseo a phelang ka tsona li tsoa ho eona. “Litaba tsohle tsa bophelo bo botle li tsoa tikoloholong e sirelelitsoeng le ho baballoa.”
A re mekhatlo ea phuliso e bonahala e le morao haholo lintlheng tse ngata tsa ho e ntlafatsa. Ka hona ‘Muso oa Lesotho ona le chelete e lokelang ho tla ntlafatsa mekhatlo ea balisana ea phuliso, hang ha ba qeta ho thusoa ka meralo ea ntlafatso eo ba iketselitseng eona. A re balisana ha ba ntse ba hlomelloa ka litsebo tsa hore na ba lokela ho hlokomela tikoloho joang, ba tšoanela ho ba le mekhoa ea boipheliso e tlang ho ba fumantša chelete.
A ipiletsa ho bo-ramehlape, balisana le sechaba ho sebetsa hantle le bahlanka bohle ba Lekala le mekhatlo eo ba tšorisaneng tšebetso ‘moho le eona, e le hore ba tle ba tsebe ho akofisa tšebetso ea bona ba ena le kutloisiso ea ho baballa makhulo, “joale le tle le tsebe ho baballa mekhoa ea boipheliso eo le tlil’o e fuoa, e tle e se ke ea re ha ‘muso o qeta ho le thusa la boela la khutlela qalong hape.”
A qetella ka ho ba hlokomelisa hore ba hlomphe le ho sireletsa molao oa motheo oa mokhatlo, kaha o phuthetse maikutlo a bona molemong oa ho ntlafatsa bophelo ba bona. “Re tlil’o lula fatše re le bontše meralo ea rona re le Lekala le hore na ke ea nako e kae e tlil’o sebetsa ka tsela e mofuta ofe, e le hore naha ena e tle e hlokomelehe.” Ke Mofosi eo.
Ofisiri ea Makhulo, Mofumahali ‘Mabohlokoa ‘Mutsi o itse ke lilemo tse telelele balisana ba lahliloe kherehloa joaloka ‘moko oa pere, ‘me ba hlokomela makhulo le liphoofolo tsa bona ho se motho ea ba tsotellang. Empa haele selemong sena seo machaba a tšoaeang ketekelo ea bona ba tlil’o sebetsa le bona ka ho hlompha maikutloa bona ka ho oa haela lesaka.
A re balisana ba lokela ho baballoa le ho hlomphuoa ka linako tsohle kaha ba bohlokoa, ‘me ho tloha kajeno ba tlil’o ba sheba ka leihlo le tletseng mohau le lerato. “Re motlotlo ka lona ka lebaka la mosebetsi oa ho baballa makhulo, ‘me e se e ka re ka tšoaranang ka matsoho ho tsamaea tsela ena ‘moho.” O boletse joalo.
Moemeli oa Mokhatlo oa Balisana oa ‘Matsa, monghali Lehlohonolo Mohato o boletse hore ba etse hloko hore lintho li fetohile, balisana ba kejeno ba se ba nkoa e le batho ba bohlokoa haholo sechabeng seo ba phelang le sona. A re ka lebaka le lerato leo ba seng ba ratoa ka lona ba se ba ena le kutloisiso ea lintho tse ngata tsa bohlokoa.
A re batho ba pele ba ho bona Morena oa rona Jesu Kriste ke balisana, e leng pontšo ea hore Morena Molimo o ba tšoaile e le batho ba bohlokoa, ba ka tsebang ho etella pele lintho tsa bohlokoa bophelong. A re taba ena e boetse e ba rutile hore Morena Molimo le bona o’a ba rata.
A leboha basupisi ka tataiso eo e saleng ba ba fa eona ho matlafatsa lekhulo la bona molemong oa liphoofolo tsa bona. Ka ho khetholoha a lebola Lekala ka linoelo tsa metsi tse teng ho e meng ea mekhoabo, tseo ba li etselitsoeng molemong oa hore liphoofolo tsa bona li se ke tsa e shoa ke lenyora naheng.
E re kaha sa hole se chekoa mohla letšolo a kopa Lekala hore ba fuoe lipelo tsa joang ho ea jala mo ho nang le libaka tse fetohileng lehoatata ka lebaka la boemo ba phetoho ea leholimo. A boela a kopa hore balisana ba fumantšoe lipeo tseo ba ka tsebang ho li jala bakeng sa liphoofolo le bophelo ba bona e le balisana.
