Vinkmag ad

La 30 Phupu 2026

Beke ea 17 har’a selemo

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (18:1-6)

“Joaloka ha letsopa le le liatleng tsa sebopi, le liatleng tsa ka.”

Lentsoe le fihletseng Jeremia le e-tsoa ho Morena, ke lena: Tsamaea, u theohele tlung ea sebopi sa lipitsa; teng ke tla u tsebisa molaetsa oa ka. Joale ka theohela tlung ea sebopi, ka se fumana se ntse se bopa ka mabili

a sona. Neng le neng ha pitsa eo se e bopang e n’e senyeha liatleng tsa sona e Ieng ntho e etsahalang ka mohlomong ha ho bopjoa letsopa, se ne se ee se qale hape, se bope pitsa e ’ngoe, ka ho ea kamoo se bonang

kateng.

Ke moo lentsoe la Morena le ileng la mphihlela, la re: Na ka lona, ba ntlo ea Israele, nke ke ka etsa se etsoang ke sebopi see, ho rialo Morena. Shebang, joaloka ha letsopa le le liatleng tsa sebopi, Iona ba ntlo ea Israele, le liatleng tsa ka.

PESALEMA 145

HO LEHLOHONOLO EA THUSOANG KE MOLIMO OA JAKOBO.

Moea oa ka, u rorise Morena;

ke tla rorisa Morena bophelong ba ka bohle,

ke roke Molimo ha ke sa ntse ke phela.

HO LEHLOHONOLO EA THUSOANG KE MOLIMO OA JAKOBO.

Le se ke la itsetleha ke mahosana;

ngoan’a motho o sitoa ho u pholosa.

Ha a nehela moea, o khutlela mobung;

bona mohlang oo merero eohle ea hae ea nyamela.

HO LEHLOHONOLO EA THUSOANG KE MOLIMO OA JAKOBO.

Ho lehlohonolo ea thusoang ke Molimo oa Jakobo,

ea tšepileng Morena, Molimo oa hae,

eena ea entseng leholimo le lefatše,

le leoatle le tsohle tse ho tsona.

HO LEHLOHONOLO EA THUSOANG KE MOLIMO OA JAKOBO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:47-53)

“Ba hloaele tse ntle lipitseng, tse mpe tsona ba li lahlelethoko.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: ‘Muso oa maholimo o tšoana le letlooa le akhetsoeng leoatleng, le haharang litlhapi tsa mefuta-futa; leo ereng ha le se le tletse, ba le hulele lebopong, ba lule, ba hloaele tse ntle

lipitseng, tse mpe tsona ba li lahlele thoko. Ho tla ba joalo bofelong ba lefatše: mangeloi a tla tsoa, a arole ba babe ho ba lokileng, a ba lahlele seboping sa mollo; moo ho tla ba le seboko le litsikitlano tsa meno.

Na le utlosisa tsee tsohle? Ba re ho eena: E. Joale a re ho bona: Ka baka leo mongoli ofe kapa ofe ea seng a fetohile morutuoa oa ‘Muso oa maholimo o tšoana le mong’a ntlo ea ntšang letlotlong la hae tse ncha le tsa khale. Eitse ha Jesu a qetile lipapiso tseo, a tloha moo. 

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Phupu 2026

Most Popular