Beke ea 16 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (3:14-17)
“Ke tla le fa balisa ka ho ea ka khopolo ea ka; lichaba tsohle li tla phuthehela Jerusalema.”
Khutlang, bana ba sa tšepahaleng, ho rialo Morena; hobane ke ‘na mong’a Iona. Ke tla le lata, ke nke a le mong motseng o mong, ba babeli lelokong le leng, ke le tlise Sione.
Ke tla le fa balisa ka ho ea ka khopolo ea ka, ba tla le alosa ka bohlale le ka seli. Etlare ha le se le ngatafetse ‘me le atile naheng ena, ho rialo Morena, matsatsing ao ha ho sa tla thoe: “Areka ea selekane sa Morena!” Ha e sa tla ba likelellong tsa batho, ha e sa tla hopoloa leha e le ho qeneheloa, ha ho sa tla etsoa e ‘ngoe.
Mohlang oo, Jerusalema e tla bitsoa “Terone ea Morena.” Lichaba tsohle Ii tla phuthehela hona teng, Jerusalema, ho hlompha lebitso la Morena, ‘me ha Ii sa tla ngangella maikutlong a khopo a Iipelo tsa tsona.
PESALEMA
MORENA O TLA RE LISA JOAL0KA MOLISA
A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Lona lichaba, mamelang lentsoe la Morena,
le le phatlalletse lihleke-hleke tse hole.
Le re: Ea qhalantseng Israele oa mo phutha,
‘me o molisa
joaloka molisa a lisitse mohlape oa hae,
MORENA O TLA RE LISA JOAL0KA MOLISA
A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Hobane Morena o lopolotse Jakobo,
o mo namoletse matsohong a ea mo f ertang ka mat la.
Ba tla tla ka litlatse tsa thabo thabeng ea Sione,
ba tla mathela ho tse molemo tsa Morena,
e Ieng koro, veine le oli, likonyana le manamane.
MORENA O TLA RE LISA JOAL0KA MOLISA
A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Ke moo baroetsana ba tla thabela metjeko,
bahlankana Ie maqheku ba nyakalle.
Ke tla fetola bofifi ba bona thabo,
ke ba tselise, ke ba thabise bohlokong ba bona.
MORENA O TLA RE LISA JOAL0KA MOLISA
A LISITSE MOHLAPE OA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (13:18-23)
“Ea utloang lentsoe, a le utloisise, ‘me a behe.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha ho le joalo Jona, utloang papiso ea mojali.
Mang le mang ea utloang lentsoe la ‘Muso, a sa le utloisise, e mobe o ee a tle, a hape se jetsoeng pelong ea hae; enoa o tšoantšoa ka peo e jetsoeng tseleng.
Ea amohetseng peo mokurutlaneng, ke ea utloang lentsoe, a phakise a le amohele ka thabo; empa ha ho na metso ho eena, ke motho oa motsotso feela: ha ho hlaha matšoenyeho kapa tlhoriso ka baka la lentsoe, o phakisa ho khopjoa.
Ea amohetseng peo meutloeng ke ea utloang lentsoe, ebe metouto ea lefatše le lithetso tsa maruo li bipetsa lentsoe, le nyope.
Athe ea amohetseng peo mobung o motle, ke ea utloang lentsoe, a le utloisise, ‘me a behe: a behe ha lekholo, kapa ha mashome a tseletseng, kapa ha mashome a mararo.
