Beke ea 16 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (2:1-3. 7-8.12-13)
“Ba ntahlile, ‘na seliba sa metsi a kollang, ba icheketse malumela a lutlang.”
Lentsoe la Morena la mphihlela, la re: Tsam’o hooa moo Jerusalema a utloang, u re: Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke sa hopola botšepehi ba hao ha u sa le mocha? Le lerato la hao ha ke sa tsoa u nyala, kamoo
u neng u ntšala morao kateng felleng, lefatšeng le sa Iengoeng.
Israele e n’e le ntho e halalelang ho Morena, lithakangoaha tsa kotulo ea hae; mang le mang ea neng a Ii ja o n’a le molato, o n’a oeloa ke bomalimabe; ho rialo Morena. Ke ile ka le tlisa naheng e kang serapa, hore
le tle le je litholoana tse monate tsa eona; la tla teng, empa la silafatsa naha ea ka, la fetola lefa Ia ka ntho e nyonyehang.
Baprista ha ba ka ba botsa, ba re: O kae Morena? Ba hlalosang Molao ha ba ka ba ntseba, balisa ba sechaba ba ile ba mphetohela, baprofeta ba bua lebitsong Ia Baale, ba sala melimo e se nang thuso morao.
Lona maholimo, hlolloang ke sena, le thothomele ‘me le nyarohe, ho rialo Morena; hobane sechaba sa ka se entse phoso tsena tse peli: se ntahlile, ‘na seliba sa metsi a kollang, ba icheketse malumela, e Ieng malumela
a lutlang, a ke keng a boloka metsi.
PESALEMA 35
MOHLOLI OA BOPHELO O HO UENA, MORENA
Mohau oa hao, Morena,
o phahame ho ea fihla le maholimong,
le ‘nete ea hao ho ea fihla marung.
Toka ea hao e joaloka lithaba tse phahameng,
le likahlolo tsa hao joaloka maliba a tebileng.
MOHLOLI OA BOPHELO O HO UEN A, MORENA
O babatseha hakakang mohau oa hao, Molimo oa ka,
bana ba batho ba tšabela moriting oa mapheo a hao.
Ba fepjoa manoni a ntlo ea hao ‘me ba a khora,
u ba noesa lipharorong tsa boiketlo ba hao.
MOHLOLI OA BOPHELO O HO UEN A, MORENA
hobane mohloli oa bophelo o ho uena,
ka leseli la hao re phela leseling.
U se khaotse ho sitsa ba u tsebang ka mohau oa hao,
le ba pelo Ii lokileng ka toka ea hao.
MOHLOLI OA BOPHELO O HO UEN A, MORENA
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:10-17)
“Lona, le. nehiloe ho tseba linnete tse patehileng tsa ‘Muso oa maholimo, athe bona ha ba ho nehoa.”
Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ke ka baka la’ng u buang ka lipapiso? A ba araba, a re: Ke ka hobane Iona le nehiloe ho tseba linnete tse patehileng tsa ‘Muso oa maholimo, athe bona ha ba ho nehoa.
Hobane ea nang le letho o tla ekeletsoa, a tlatsetsoe thajana; athe ea se nang letho o tla amohuoa esitana le seo a nang le sona.
Lebaka leo ke buang le bona ka lipapiso, ke hobane e ee ere ba ntse ba bona e ke ha ba bone, ‘me ere ba ntse ba utloa e ke ha ba utloe leha e le ho utloisisa. Ke moo ho phethahalang ho bona boprofeta ba Isaia bo
reng:
Ho utloa le tla utloa, empa le ke ke la utloisisa;
ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona.
Efela pelo ea sechaba sena e thotofetse,
litsebe tsa batho bana Ii botsoa ho utloeng
‘me ba itutubalitse mahlo,
esere mohlomong mahlo a bona a bona,
litsebe tsa bona tsa utloa,
lipelo tsa bona tsa utloisisa, ba sokoloha,
eaba kea ba folisa.
Athe ho lehlohonolo mahlo a Iona hobane a bona, le litsebe tsa Iona, hobane lia utloa! Efela ruri kea le bolella, baprofeta le bahalaleli ba bangata ba ile ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba ka ba se bona, le ho utloa seo le se utloang, empa ha ba ka ba se utloa.
