Vinkmag ad

La 17 Phupu 2026

Beke ea 15 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (38:1-6.21-22.7-9)

Ke utloile thapelo ea hao, ke bone ie meokho e n Matsatsi ao, Hezekia a kulela lefu. Moprofeta lest mor’a Amose, a tla ho eena, a re: Ke sena 8eg Mora se bolelang: Hlophiga ntio ea hao, hobane o tla she u ke ke ua phela.” Hezekia a retelehela Jeboteng a rapela Morena, a re: “Oho Morena, hopola hle kame ke entseng ho lokileng mahiong a hao. Hezekia a lla habohloko.

Eaba lentsoe la Morena le fihlela Iaaia Tsam’o re ho Hezekia: Ke sena seo Morena, Molie Davida ntat’ao, a se bolelang: Ke utloile thapelo e ke bone le meokho ea hao. Joale ke tla eketsa litis te hao ka lilemo tse leshome le metso e mehlano. Ea ‘moho le motse ona, ke tla u namolela liatleng taa khoe ea Assiria. Ke tla sireletsa motse ona.”

Isaia a laela, a re: “Tlisang hlama ea feiga, le thobe seso ka eona, a tle a fole”. Hezekia a botaa, a re: pontšo ke efe ea hore ke tla nyolohela Tempeleng ea rena?”

Isaia a araba, a re: “Pontšo e tsoang ho Morona e pakang hore Morena o tla phethahatsa seo a se bola. tseng, ke ena: U bona moriti o entsoeng ke letsatsi lihatelong tse hahiloeng ke Akhaze: ke tla o khutlisetas morao ka lihatelo tse leshome tseo o seng o li theohie Eaba letsatsi le khutlela morao ka lihatelo tse Jeshome tseo le neng le se le li theohile.

PESALEMA (Is 38, 10.11.12.16. R. 17)

MORENA, U PHOLOSITSE BOPHELO BA KA TIMELONG.

Ke ne ke itse: Ke tla falla ke sa le mocha.

ke behoe khorong ea Qalo-ea-bafu,

ke getelle teng lilerno tsa ka.

MORENA, U PHOLOSITSE BOPHELO BA KA TIMELONG.

Ka re: Ha ke sa tla bona Morena

lefatseng la ba phelang ;

ha ke sa tla bona motho

har’a baahi ba lefatše.

MORENA, U PHOLOSITSE BOPHELO BA KA TIMELONG.

Lehae la ka lea qhaqholloa, le tlosoa ho ‘na,

joaloka motlotloane oa molisana;

u phuthile bophelo ba ka joaloka selohi.

ua ba ua bo poma joaloka tšoele.

MORENA, U PHOLOSITSE BOPHELO BA KA TIMELONG.

Morena, seo pelo ea ka e se ebeletseng ho uena,

ke bophelo ba moea oa ka.

U tla mpholisa,

u boele u mphelise.

MORENA, U PHOLOSITSE BOPHELO BA KA TIMELONG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (12: 1-8)

“Mor’a motho ke morena oa sabbatha.”

Ka nako eo Jesu a tsamaea har’a masimo a koro ka sabbatha. Ka ha barutuoa ba hae ba ne ba lapile, ba ho kha liqoapi ba ja. Eare ha Bafarisi ba ba bona, ba re ho eena: Bona, barutuoa ba hao ba etsa se sa lumelloang ka sabbatha!

Empa eena a re ho bona: Na ha le e-s’o bale seo Davida a neng a se etse ha a lapile ‘moho le bao a neng a e-na le bona? Kamoo a neng a kene ka tlung ea Mo limo kateng, ba ba ba ja mahobe a nyehelo, e leng seo eena, leha e le balekane ba hae, ba neng ba se na tokelo ea ho se ja, se lokela ho jeoa ke baprista feela?

Kapa na ha le e-s’o bale Molaong hore baprista ba roba molao oa sabbatha, tempeleng, ka letsatsi la sabbatha, empa ba hloke molato? Joale kea le bolella ke re: ho teng mona ho fetangg tempele ka boholo. Hoja le ne le tsebile hore na ke ho re’ng ha ho thoe: Hoo ke ho batlang ke mohau e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tsoa ba hlokang molato; hobane Mor’a motho ke morena oa sabbatha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Phupu 2026

Most Popular