Beke ea 14 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (11:1.3-4.8-9)
“Pelo ea ka e thulame.”
Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Israele ke mo ratile e sa le mohlankanyana, ka bitsa mora oa ka a le Egepeta. Ke ‘na ea rutileng Efraime ho tataea; ke ne ke ba nka ka matsoho, empa ha ba ka ba elelloa hore kea ba hlokomela. Ke ne ke ba qeka ka marapo a bonolo, ka litlamo tsa lerato. Ho bona ke bile joaloka ea ba panollang joko molaleng, ka beha lijo ka pel’a bona.
Pelo ea ka e thulame, mohau o kuba ka sefubeng sa ka. Nke ke ka phethahatsa ho tuka ha khalefo ea ka, nke ke ka boela ka timetsa Efraime, hobane ‘na ke Molimo, ha ke motho, ke ‘na Ea halalelang ea lulang har’a lona; ‘me ha ke khahloe ke ho timetsa.
PESALEMA 79
U RE BONTŠE SEFAHLEHO SE ELILENG ‘ME RE TLA PHOLOHA.
Sekeha tsebe, Molisa oa Israele,
uena ea tsamaisang Josefa joaloka mohlape,
Tsosa matla a hao,
u tl’o re pholosa.
U RE BONTŠE SEFAHLEHO SE ELILENG ‘ME RE TLA PHOLOHA.
Molimo oa tsohle, ak’u khutle, ak’u talíme
u le maholimong ‘me u bone,
u tl’o hlokomela morara ona.
U sireletse se hlonngoeng ke letsoho la hao,
mora eo u ikholiselitseng eena.
U RE BONTŠE SEFAHLEHO SE ELILENG ‘ME RE TLA PHOLOHA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10: 7-15)
“Le amohetse feela fanang feela.”
Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Ere ha le ntse le e-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi! Folisang bakuli, tsosang bafu, hloekisang balepera, lelekang bademone; le amohetse feela, fanang feela!
Le se ke la ipolokela gauda, leha e le silevera, leha e le koporo ho e phuthela maqhameng a lõna, leha e le khetsi bakeng la tsela, leha e le liaparo tse peli, leha e le meqathatso, leha e le lere; ka ha mosebetsi o lokeloa ke lijo tsa hae.
Joale motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, le batle hore na ea lokelang ke mang ho oona: ‘me le lule ha hae ho fihlela le tloha. Ha le kena ka tlung ea hae, le lumelise, ‘me ha eba ntlo eo e hlile e lokela, khotso ea lona e fele e tle ho eona. Empa ha e sa lokele, khotso ea lõna e ke e khutlele ho lona. Ha ho se ea le amohelang leha e le ho mamela lipolelo tsa lona, le tsoe tlung eo kapa motseng oo, le ntse le hlohlora lerole maotong a lõna.
Ruri kea le bolella, ka letsatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma le ea Gomorrha li tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.
