Moetapele oa Mokha oa Sechaba sa Basotho (BNP), Machesetsa Mofomobe o re ke nako ea hore Basotho ba nke mehato ka Ma-Afrika Boroa a kahar’a Naha ea Lesotho, ka ho bokella manane a mabitso a Ma-Afrika Boroa a sebetsang kahar’a naha ha ba qeta b’a tlise Ntlo-Kholo ea BNP, e be bona ba lata tumello ho Tona-Kholo ea ho leleka Ma-Afrika Boroa mesebetsing e fapakaneng kahar’a naha ho kene Basotho.
Mofomobe o buile tsena ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o bileng Ntlo-Kholo ea BNP, Maseru, ka la 1 Phupu monongoaha moo a bontšitse hore le bona ka mokhoa o tšoanang ba tlil’o tebela Ma-Afrika Boroa a sebetsang ka bongata libakeng tse kang Polihali, bao pelaelo e leng hore ba bang ba bona ha ba na mangolo a ho sebetsa kahar’a naha. A re ba bang ba boetse ba sebetsa libakeng tse kang Commission le mabenkeleng a maholo kahar’a naha, “’me mesebetsi eno e nkoe ke Basotho hobane ba se ba re Mosotho ea senang mangolo kapa a ena le ona a tsoe kahare ho Naha ea Afrika Boroa.”
O re taba ea hore Basotho ba tsoe kahar’a Naha ea Afrika Boroa ha e ncha ho ‘Muso oa Lesotho, empa o ile oa iphapanyetsa eona ho fihlela litaba li eba maemong ana a sa jeseng litheohelang. “Ho ne ho se ho ntse ho bonahala ho linaha tse utloisisang le ho qenehela batho ba habo tsona, tse kang Ghana le tse ling li lata batho ba habo tsona. Empa ‘muso oa habo rona o bonahetse o sa ikemisetsa ho lata Basotho le hoba thusa.” A rialo.
O re Basotho ba lutse lejoe le motsu naheng ea Afrika Boroa, ‘me ba phela bophelo ba linonyana. O re har’a tse ling tsa liqholotso tseo ba tobaneng le tsona ke lichelete tsa bona tseo ba sitoang ho lintša libankeng tsa naha eo ka lebaka la ho hloka mangolo a tumello ea ho sebetsa Afrika Boroa. O re mathata ana ohle a kenyeletsang tlhokahalo ea libukana tsa ho eta, a ipakeloa feela ke ‘Muso oa Lesotho ka ho hloleha ho thusa sechaba sa Basotho ka nako ena ea lilemo tse ‘ne o se o le pusong.
A qetella ka hore ha maemo ana a ntse a tsoelapele ho mpefala, h’a ame bophelo ba Basotho feela, empa a tlil’o ama le moruo oa Naha ea Afrika Boroa, kaha boholo ba thepa e fumanoang kahar’a naha e tsoa teng.
