Vinkmag ad

La 21 Motšeanong 2026

Beke ea 7 ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (22:30.23:6-11)

“E ka khona u tle u mpake le Roma.”

Matsatsing ao, molaoli oa sekete a rata ho tseba hantle seo Bajodi ba qosang Paulosi ka sona, a mo tlamolla, a laela baprista ba baholo le lekhotla kaofela ho phutheha, ‘me a tlisa Paulosi a mo emisa har’a bona. Paulosi, ka ho tseba hore sekoto se seng sa bona ke sa Basadduke, le se seng ke sa Bafarisi, a hooa har’a lekhotla, a re: Banna ba heso, ‘na ke Mofarisi, ngoan’a Bafarisi, ‘me ke ahloloa ka baka la ho tšepa tsoho ea bafu.

Eitse ha a rialo, Bafarisi le Basadduke ba qala ho pheisana khang, ‘me seboka sa arohana. Efela Basadduke ba re ha ho tsoho ea bafu, leha e le lenyeloi kapa moea; athe Bafarisi ba lumela tseo tsohle.

Joale lerata la e-ba leholo. Bangoli ba bang bao e neng e le ba lefapha la Bafarisi ba ema, ba hanyetsa ka matla ba re: Ha re fumane bobe le letho mothong enoa. Na ekaba moea kapa lenyeloi ha lea bua le eena na?

Ka ha moferefere o n’o nts’o eea o eketseha, molaoli oa sekete a tšaba hore Paulosi a ka tsekolloa ke bona. Joale a laela masole ho theoha hore ba mo phamole har’a bona ‘me ba mo khutlisetse qhobosheaneng.

Bosiung bo hlahlamang, Morena a iponahatsa ho Paulosi ‘me a re ho eena: Khothahala, hobane joaloka ha u mpakile Jerusalema, e ka khona u tle u mpake le Roma.

PESALEMA 15

AKU MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TSABELA HO UENA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.

AKU MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TSABELA HO UENA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena ka mehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

AKU MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TSABELA HO UENA.

Ka hona pelo ea ka e tletse thabo,

moea oa ka o nyakaletse,

le oona mele oa ka o tla lula o photholohile.

Hobane u ke ke ua ntlohella Qalong-ea-bafu.

u ke ke ua lumella

hore motsoalle oa hao a latsoe ho bola.

AKU MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TSABELA HO UENA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho uena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang be lulang pel’a hao.

AKU MPABALLE, MORENA, HOBANE KE TSABELA HO UENA.

 

Ho baloa Evangelinge halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (17:20-26)

“Bohle e ke e be ntho e le ‘ngoe ka mokhoa o phethehileng.”

Ke nako eo, Jesu a lelaletsa mahlo leholimong a rapela, a re; Ntate ea halalelang, ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le bona ba tlang ho lumela ho ‘na ka lentsoe la bona.

Bohle e ke e be ntho e le ‘ngoe, joaloka ha Uena Ntate u le ka ho ‘na, le ‘na ke le ka ho uena, ‘me le bona e be ntho e le ‘ngoe ka ho rona, e le hore lefatše le tle le lumele hore u nthomile.

Letlotlo leo u ‘nehileng lona, le ‘na ke ba nehile lona, hore bona e be ntho e le ‘ngoe, joaloka ha le rõna re le ntho e le ‘ngoe: ‘Na ho bona le uena ho ‘na, e le hore bona e be ntho e le ‘ngoe, ka mokhoa o phethehileng, ‘me lefatše le tsebe hore u nthomile, le hore u ba ratile joaloka ha u nthatile.

Ntate, bao u ‘nehileng bona ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be teng le ‘na hona teng, ba tle ba bohe letlotlo leo u ‘nehileng lona; hobane u nthatile lefatše le e-s’o boptjoe. Ntate ea lokileng, lefatše ha lea ka la u tseba, empa ‘na ke u tsebile le bona ba tsebile hore u nthomile. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ebile ke tla ‘ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ka ho bona, le ‘na ke be ka ho bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Motšeanong 2026

Most Popular