Beke ea 6 ea Paseka
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea iketso tsa Baapostola, (18:9-18)
“Batho ba bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka.”
Bosiung bo bong, ha Paulosi a le Korinthe, Morena hua le eena ka pono, a re: U se ke ua tšaba, u mpe u bue, ‘me u se ke ua thola. Ke na le uena, ‘me ha ho motho ea tla u loantsa le ho u etsa hampe, hobane batho be bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka, Paulosi a lula selemo le khoeli tse tšeletseng moo, a nts’a ruta lentsoe la Molimo.
Eitse hoba Gallio a behoe ‘musi oa Akaia, Bajodi, ba utloana ho ea tšoara Paulosi. Ba mo isa khotla ba re: Motho enoa o kholisa batho ho sebeletsa Molimo ka mokhoa o fapanang le molao. Ha eba le tlisa taba ea ho roba molao kapa ea molato o mong o moholo, nka le mamela löna Baiodi, kamoo e leng tsoanelo kateng. Empa ha eba tseko eo ke ea lipolelo, kapa ea mabitso leha e le ea tsa molao oa löna, ho iponele löna. Na ha ke rate ho ba moahloli oa tsona.
Me a ba leleka khotla. Joale ba tšoara Sosthene. hloho ea ntlo ea thapelo ‘me ba mo otla pel’a lekhotla. Gallio a sa ba tsotelle le letho. Paulosi a lula moo matsatsi a mangata hape; a nt’o lumelisana le baena ‘me a tšelela Siria ka sekepe, a e-na le Priscilla le Aquila. O n’a kutile moriri oa hae Kenkre, kahobane o n’a entse kano.
PESALEMA 97
MOLIMO KE KHOSI EA LEFATSE LOHLE.
Opang liatla, lona lichaba tsohle,
etsetsang Molimo litlatse le mehoo ea thabo.
Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha;
ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.
MOLIMO KE KHOSI EA LEFATSE LOHLE.
O beha lichaba tlas’a puso ea rona,
le merabe tlas’a maoto a rõna.
Ke eena ea re khethetseng lefa,
leo moratuoa oa hae Jakobo a ithorisang ka lona.
MOLIMO KE KHOSI EA LEFATSE LOHLE.
Molimo o nyoloha har’a litlatse,
Morena har’a meletso ea literompeta.
Binelang Molimo oa rona, ‘mineleng;
binelang Morena oa rona, ‘mineleng.
MOLIMO KE KHOSI EA LEFATSE LOHLE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16:20-23)
“Thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona.”
Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ka ‘nete nete ke re ho lõna, le tla lla le bokolle, athe lefatše le tla thaba. Le tla soaba, empa soabo ea löna e tla fetoha thabo. Mosali ha a beleha, o ee a utloe bohloko, hobane nako ea hae e fihlile: athe, ha a se a belehile, ha a sa hopola mahloko ka baka la thabo, ea ho ba le ngoana.
Le lona le hlomohile; empa ke tla boela ke le bona, ‘me lipelo tsa lona li tla thaba; ‘me thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona. Tsatsing leo ha le sa tla mpotsa letho.
