Setsi sa Pokello ea Lekhetho (RSL) se re Basotho ba lokela ho ikobela lintlafatso tse malibohong le ho bona hore ba tlaleha likoloi tsa bona joalokaha e le thepa e lokelang o tlalehoa ha u feta malibohong, kaha e le phetoho e teng lelibohong la Afrika-Boroa SARS. Litaba tsena li boletsoe ke ea Tšoereng molepo e le Mookameli oa RSL, Rakokoana Makoa ka la 30 ‘Mesa monongoaha.
Ba re ntlafalo ena e etsahala ho tlisa ponaletso ea tšebetsong ea bona haholo SARS. Ka nako e telele e sa le Basotho ba itsamaela bolacha malibohong ba sa tlalehe likoloi, ha joale a lokela ho tlalehoa nako eo e felile.
A re ka la 1 Phupjane monongoaha, mokhoa ona o mocha o tla kena tšebetsong, ho bohlokoa hore batho bohle ba lokela ho phatlalatsa thepa e joalo pele ba kena leetong ka ho sebelisa marang- rang.
A re ho batho ba tsamaeang ka koloi tseo eseng tsa bona ba tla lokela ho fana ka bopaki ba hore koloi ha se ea hae. O re leha ho ka thoe ho joang le joang Basotho ba tla lokela ho ntlafatsa le ho ikobela meeli ea tšebetso ea bona.
O re h’a lumele hore taba ena e tl’o ama khoebisano le Naha ea Afrika- Boroa, ebile ha se taba e amang Lesotho feela, empa e ama likoloi tsohle ho hlaha linaheng tse sebetsang ka SACU, phetoho ena e se ama linaha tsohle. Ho tla kenyeletsa Namibia, Botswana le Afrika-Boroa.
O re naha ea Afrika-Boroa e na le melao e sireletsang pokello ea lipalo-palo tsa sechaba, ‘me molao o mong o ba tsamaisang e le baeti ba lokela ho phatlalatsa lithepa tsohle tseo ba kenang ka tsona kahar’a naha.
O re tebello ke hore lipalo-palo tsohle le litaba tsa Basotho li bolokehile haholo tseo ba tlangoang ke naha hore ba li hlalose. Basotho ba khobe matšoafo.
O re ba lehlakoreng la Basotho ho ba sireleletsa le ho bona hore litaba tsa bohlokoa ba ea li tseba, e le hore ba tle ba ikobele molao. A re ba itlama ho tla sireletsa Basotho hore ba fumane tšehetso ba sebetsa ‘moho le SARS.
Polomiti eo ba lokela ho lula ba ena le eona ka likoloing, e le sesupo sa hore o tlalehile thepa e joalo, o re sena se tla thusa hore ho be bonolo ho nka leeto nakong ea likhoeli tse tšeletseng ka eona e tsamaea ka tsela tse fapakaneng.
O bontšitse hore ho motho ea tsamaeang ka likoloi tse fapakaneng ba tla lokela ho tlaleha likoloi tse joalo. E ‘ngoe le e ‘ngoe ebe le litokomane tsa eona. O re ho bahlomphehi ba tla lokela ho fana ka bopaki ba baqhobi ba bona.
E le RSL ba ile ba bona ho le bohlokoa hore kaha taba ena e ama Basotho ba batla litaba tsohle tse amang Basotho, ba tla tsoela pele ho fana ka thuto ho sechaba sa Basotho le ba lulang ba nka maeto khafetsa ho ea Afrika-Boroa.
Ba khothaletsa Basotho ho nka monyetla oa litaba tsena ba kobe ho emela la 1 Phupjane monongoaha. O re ka nako tse ling batho ba na le ho khobokana malibohong kaofela empa ba sa tšela, ba eletsa hore ba se ke be ba etsa joalo, kaha ba tla thusoa ka mokhoa o bonolo ‘me bana le lisebelisoa tse lekaneng ho arabela tlhoko ea sechaba.
Mphana o re Basotho ba lokela ho utloisisa hore thepa ba e hlahisoa malibohong ha ba tšela, e ke ke ea ba polomiti e sebetsang hantle ha motho a enkile e sa sebetse. “Ha u sena lebaka la ho nka leeto o se ke oa etsa joalo, kaha o il’o baka tšubuhlellano, koloi e lokela ho hlahisoa malibohong e phatlalatsoa.”Ke Mphana eo.
O re ha ba hloke ho bona batho ba ena le letsoalo sebakeng sa ho etsa mosebetsi ona. A supa hore ba nkile nako e telele ba ntse ba thusana le ho shebisana e le ho thusana hore tšebeletso eo e tle ebe nang le ponaletso.
Letsatsi Seperiti Mookameli Lefapheng la Mebaraka le Thuto ea sechaba o hlalositse hore ho phatlalatsa koloi ea hau ha hona tefo ea letho eo motji a lebelelletsoeng ho e lefa lelibohong ha a tlaleha koloi ea he kapa eo a tsamaeang ka eona, tebello ke hore motho e mong le e mong a phatlalatse koloi ea hae.
“Mohlala motho ea kenang ka thepa a sa phatlalatsa thepa, ba bokelli ba lekhetho ba fuoa matla ke molao a ho rekisa kapa ho nka thepa e joalo.” Ke seperiti eo.
O re ba tl’o sebelisa mekhoa eohle le ea marang-rang ho bona hore se fuoa thuto ‘me ba se ba le lipuisanong tseo ba tla li etsa le ho sebelisa mekhoa eohle ho thusa hore sechaba se fumantšoe thuto.
