Vinkmag ad

Lekala le hloka chelete ea meputso

Litšebeletso tsa bophelo bo botle hohle Lesotho li tsamaea ka lesisitheho kamor’a hore Mokhatlo oa Baoki o ntše polelo ka le reng ba tla sebetsana feela le li tšebeletso tsa mantlha, kaha baoki ba e-s’o fumane meputso ea bona ea khoeli ea Tlhakubele.

 Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Baoki Lesotho Morephe Santi, a bua a le ‘mokeng oa bo-ralitaba oa la 31 Tlhakubele monongoaha, o boletse hore ketso ena e fokolitse litšebeletso libakeng tsa bophelo bo botle tsa sechaba. ‘Me hore karabo ea bona e tle e hlahe ba tla khina litšebeletso tsa bopepisi, lipetlele, le litsamaiso tsa tlhokomelo e matla (ICU). Santi o boletse hore lefapha le hlalositse ho lieha ha tefo ka lebaka la ho se be le chelete, ‘me ba ntse ba emetse karabo.

Leha ho le joalo, o hlalositse hore boemo bona ha bo amohelehe, a tiisa hore baoki ba ntse ba sebetsa ka thata ho sebeletsa naha, ‘me ba lokela ho lefshoa ka nako bakeng sa mosebetsi oa bona.

Raliphatlalatso Lekaleng la Bophelo, Mateboho Mosebekoa, o tiisitse hore bothata bona bo ntse bo raroloa. O tiisitse hore tlaleho e ncha e tla fanoa ha nako eo e fihla.

Ho sebetsa ka monyebe ho lebeletsoe ho tsoelapele ho fihlela bothata ba meputso bo rarolotsoe, ho hlahisa matšoenyeho a baoki e le hore   litšebeletso tsa bophelo bo botle ho sechaba li fumanehe.

President ea Mokhatlo ona Busa Qhala, o hlalositse hore li ntse li eme ka lekoa li hana ho tšela, kaha baoki ba  ntse ba e-s’o fumane meputso ea bona. O re taba ena e tšoarella phano ea litšebeletso tsa sechaba ea boleng, o ipiletsa ho ‘muso ho ela hloko bohlokoa ba baoki. “Re tla sebetsana feela le litšebeletso tsa mantlha, bopepisi, likotsi le tsa ka malimong.” ke Qhala eo.

O re ho bohloko ho sebetsa o sa fumane moputso ka nako e lokelang, kaha e le tokelo ea bona ho fumana litsiane kaha ba li sebelelitse, ha se mohau hore ba lefuoe.  O re ke nako ea hore ba bontše nyatso ea ketsahalo ena kaha e ama bophelo bo botle ba sechaba.

Ho sa le joalo, Lekala la Bophelo  le ntšitse phatlalatso ka la 1 ‘Mesa monongoaha, moo le reng tiehiso ea meputso ea basebetsi ba lona bakeng sa khoeli ea Tlhakubele 2026 e bakiloe ke khaello ea lichelete.

Le tiisa hore mehato e se e nkuoe ho rarolla bothata bona, ’me meputso e tla lefshoa hang ha lichelete li se li fumaneha. Lekala le boetse le kopa basebeletsi ho tsoela pele ka tšebetso ea bona ha bothata bona bo ntse bo lokisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 ‘Mesa 2026

Read Next

La 2 ‘Mesa 2026

Most Popular