LABOTSELELA LE HALALELANG
Ho baloa Bukeng ea Genese. (1:1-2.2)
“Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho lokile haholo.”
Qalehong Molimo o ile a bopa leholimo le lefatse. [Lefatse le ne le le feela, le se na letho, lefifi le aparetse boliba, ‘me Moea oa Molimo o n’o foka holim’a metsi. Molimo a re: Leseli a le be teng. ‘Me leseli la e-ba teng. Molimo a bona hore leseli le lokile, ‘me Molimo a arola leseli ho lefifi. Molimo a bitsa leseli nyene, le lefifi bosiu. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la pele.
Molimo a re: A ho be le sebaka se tiileng pakeng tsa metsi, ‘me se arole metsi ho metsi. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa sebaka se tiileng, se arolang metsi a ka tlaase ho sebaka seo, ho metsi a ka holimo ho sona, ‘me Molimo a reha sebaka seo leholimo. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bobeli.
Molimo a re: Metsi a ka tlaase ho leholimo a bokane nqa e le ‘ngoe, ‘me ho hlahe ho ommeng. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bitsa ho ommeng lefatse, le pokello ea metsi a e bitsa maoatle. Molimo a bona hore ho lokile. Molimo a re: Lefatse a le hlahise botalana, majoang a behang lipeo, le lifate tsa litholoana tse nang le peo.
Lefatse la melisa botalana, majoang a behang lipeo ka mefuta ea ‘ona le lifate tsa litholoana tse nang le peo. Molimo a bona hore ho lokile. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la boraro.
Molimo a re: A ho be teng maseli holimo sebakeng, ho arola nyene le bosiu, ho bontsa linako, matsatsi le lilemo. E be maseli a holimo sebakeng, a khantsetsang lefatse. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa maseli a mabeli a maholo: leseli le leholo le tla laola nyene le leseli le lenyenyane le tla laola bosiu; a etsa le linaleli. Molimo a li beha holimo sebakeng, ho khantsetsa lefatse, ho laola nyene le bosiu, ho arola leseli ho lefifi. Molimo a bona hore ho lokile. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bone.
Molimo a re: Metsing ho nyeunye boieane ba lintho tse phelang, ‘me linonyana li fofe holim’a lefatse, sebakeng. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a bopa likhanyapa tse kholo tsa maoatle le lintho tsohle tse phelang, tse sesang, tse nyeunyang ka metsing, ka mefuta ea tsona, le linonyana tsohle, ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile. Molimo a li hlohonolofatsa, a re: Atang, le ngatafale, le tlale metsing a leoatle, ‘me le linonyana li ngatafale lefatšeng. Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la bohlano.
Molimo a re: Lefatše le hlahise lintho tse phelang, ka mefuta ea tsona: liphoofolo tse ruiloeng, lihahabi le liphoofolo tse hlaha, ka mefuta ea tsona. ‘Me ha e-ba joalo. Molimo a etsa liphoofolo tse hlaha ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruiloeng, ka mefuta ea tsona, le tsohle tse hahabang fatše, ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho lokile.]
Molimo a re: A re etseng motho ka setsoantso sa rona le ka tšoano le rona, a rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo, liphoofolo tse ruiloeng, liphoofolo tse hlaha le lihahabi tsohle tse hahabang fatše. Molimo a bopa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bopa ka setšoantšo sa Molimo, a ba bopa e le e motona le e motšehali. Molimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: Atang le ngatafale, le tlale lefatše, le le buse, le rene holim’a lihlapi tsa leoatle, linonyana tsa leholimo le tsohle tse phelang tse hahabang fatše.
Molimo a re: Ke le file majoang ohle a beang lipeo a ka bophara ba lefatše lohle, le lifate tsohle tse behang litholoana tse nang le peo, hore e be lijo tsa lona. Ha e le liphoofolo tsohle tse hlaha, linonyana tsohle tsa leholimo, tsohle tse hahabang fatše, tse nang le phefumoloho ea bophelo, ke li file litlama-tlama tsohle tse tala hore e be lijo tsa tsona. ‘Me ha e-ba joalo.
Molimo a bona tsohle tseo a li entseng, ‘me ho ne ho lokile haholo. [Ea e-ba mantsiboea, ea e-ba hosasa: ke lona letsatsi la botšelela.
Leholimo le lefatše tsa phethahala joalo, hammoho le makhotla ohle a tsona. Ka letsatsi la bosupa, Molimo a phethahatsa mosebetsi oo a o entseng, ‘me ka letsatsi lena la bosupa a phomola mosebetsing ohle oo a o entseng.]
PESALEMA 103
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
Boka Morena, moea oa ka!
U moholo hakakang, Morena, Molimo oa ka,
u apere botlotlehi le khanya.
U ipopa ka leseli se ka kobo,
u phutholla maholimo joaloka tente.
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
U tsitsisitse lefatše holim’a motheo oa lona,
hore le se sisinyehe ka mengoaha le mengoaha.
U le koahetse ka maliba se ka seaparo,
metsi a n’a phahametse esita le lithaba.
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
U laela liliba ho phallela likhohlong,
li mathe pakeng tsa lithaba.
Linonyana tsa leholimo li ahela pel’a tsona,
li letsa meloli makaleng a lifate.
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
U nosetsa lithaba, u le qalong e phahameng ea hao,
lefatše fepa litholoana tsa e mesebetsi hao.
U melisetsa liphoofolo joang,
Le motho lijalo tseo a li lemang.
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
E mengata hakakang mesebetsi ea hau, Morena,
tsohle o li entse ka bohlale.
Lefatše le tletse libopuoa tsa hau.
Boka Morena moea oa ka!
ROMELA MOEA OA HAO, MORENA, ‘ME U NCHAFATSE SEBOPEHO SA LEFATSE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng
ke Matheus. (28:1-10)
“Jesu o tsohile bafung, ‘me ke eo a le etella pele ho ea Galilea.”
Ka morao ho sabbatha, tsatsing la pele la beke, ha ho qala ho ela, Maria Magdalena le Maria e mong ba ea hloela lebitla. Hang-hang ha e-ba teng tsisinyeho e kholo ea lefatše: Lengeloi Ia Morena la theoha leholimong,
la fihla la theta lejoe, la ba la lula holim’a lona. Le ne le khanya joaloka lehalima, seaparo sa Iona se le se, soeu joaloka Iehloa. Ha ba le bona, balebeli ba thothomela ke tšabo, ‘me ha e-ba joaloka hoja ba shoele.
Eaba lengeloi lea bua, le re ho basali: Lona, le se ke Ia tsaba! Kea tseba, le batla Jesu ea neng a thakhisitsoe. Ha a eo mona! Hobane o tsohile, joaloka ha a n’a boletse. Tlohong, le bone qalo eo Morena a neng a behiloe ho eona. ‘Me le ee kapele-pele ho bolella barutuoa ba hae, le re: O tsohile bafung, ‘me ke eo a le etella pele ho ea Galilea, moo le tla ‘mona teng. Joale ke le boleletse.
Ba phakisa ba tloha lebitleng ha tšohile, empa le teng ba thabile haholo; ba matha ho ea tsebisa barutuoa ba hae. Ha, ha ntse ba matha joalo, Jesu a ha khahlanyetsa, a re: Lumelang! Ba atamela, ba mo tšoara maoto, ba mo khumamela. Eaba Jesu o re ho bona: Se tšabeng! E-eang, le bolelle bana beso hore ba ee Galilea. Ba tla mpona teng.
