Vinkmag ad

DMA le sepolesa li keteka le barutoana

Setsi sa Thibelo le Taolo ea Likoluoa le Lefapha la Sepolesa la Litimamollo le Pholoso li ketekile Back to School le barutoana ba Sekolo se Phahameng sa Mazenod ka sepheo sa ho hlahlella barutoana ka malebela mabapi le thibelo le toantšo ea likoluoa. Mokete ona o ne o tšoaretsoe mabaleng a Sekolo sa Mazenod ka la 19 Hlakola 2026.

Ke hona moketeng oo moo barutoana ba bileng thupelong ea sepolesa ea libeke tse peli, ba ileng ba khoaolla litsebo tseo ba lifupereng mabapi le mekhoa ea ho hlokomela le ho baballa batho ba bang nakong tsa tlokotsi le likoluoa, tse kang tsa ho noela matamong le linokeng le ho tseba ho thibela mollo o ka hlahang ka mekhoa e fapakaneng.

Mookameli oa Setsi sa DMA, Monghali Reatile Elias o itse mefuta eohle ea likoluoa e ka thibeloa, ‘me thuto ena e fuoang barutoana e thusa hore ba tsebe seo ba lokelang ho se etsa ha ba hlaheloa ke likoluoa. Ka hona e lokela hore e pharalle le ho rutoa barutoana naha eohle. A re e boetse e thusa barutoana hore na ba ka phalla joang ho thusetsa.

Mookameli oa Lefapha la Sepolesa la Litimamollo le Pholoso, Supt. ‘Muso Lehloka, o boletse hore ke morero oa Lefapha la habo ho ntšetsapele mosebetsi oa polokeho le tšireletso kahare ho naha, ka ho rupela barutoana kaha e se mekhelo litabeng tsena tsa thibelo le taolo ea likoluoa. A re litaba tsa polokeho li bohlokoa haholo likolong kaha likoluoa li sa rerisi ha li etsahala. A tiisa hore ba fana ka thuto ho barutoana ka sepheo sa hore ba tsebe ho itlhokomela le ho hlokomela ba bang. A tšepisa hore lithupelo tseo ba ntseng ba fana ka tsona tse kenyeletsang haholo koetliso ea thuso ea pele, ba tlil’o li fa le litichere.

Mookameli oa Sekolo se Phahameng sa Mazenod, Monghali Tohlang Makara o lebohetse ka mokhoa o khethehileng barutoana ba fumantšitsoeng lithupelo. A re lithuto tsa mofuta ona li bohlokoa haholo kaha sekolong mona barutoana ba etsa lithuto tsa mopheho, e leng moo ba sebelisang mollo haholo. Ka hona ka litsebo tseo ba nang le tsona ba tla tseba ho itšireletsa le ho sireletsa ba bang ha koluoa e hlaha.

Lebitsong la barutoana Noliwe Tekateka o supile hore thupelo eo ba e fumaneng ba tla e fetisetsa ho ba bang. A bontša hore thuto eo ba e fumaneng ba tla e sebelisa molemong oa paballeho ea bophelo ba bona le ba batho ba bang.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Hlakola 2026

Read Next

La 21 Hlakola 2026

Most Popular