Beke ea pele ea KARISIMA
LABONE
Ho baloa Bukeng ea Esthere. (14:1.3-5.12-14)
“Ha ke na mothusi, ha e se uena, Morena.”
Ka nako eo Mofumahali Esthere a tšabela ho Morena, a imetsoe ke tšabo ea lefu. A rapela Morena, Molimo oa Israele, joana: Morena oa ka, ke uena Khosi ea rona, uena u inotši! Ntlhahe thusong, hobane ke inotši, ha ke na mothusi ha e se uena, ‘me ke beha bophelo ba ka kotsing.
Ha esale ho tloha tsoalong ea ka, ke rutiloe ke ba leloko leso hore uena, Morena, u ile ua khetha Israele har’a lichaba tsohle, le bo-ntat’a rona har’a baholo bohle ba bona, hore e be lefa la hao ho isa khale, ua ba ua phethahatsa tsohle tseo u neng u ba baletse tsona.
Morena, se lebale ho iponahatsa nakong ena ea matšoenyeho a rona. Ha e le ‘na, mphe sebete, Khosi ea melimo eohle, uena mong’a mebuso eohle. Etsa hore ke bue ka bokheleke ha ke hlaha pel’a tau, ‘me u ntlhahe thusong, hobane ke inotši, ha ke na mothusi ha e se uena, Morena.
PESALEMA 137
U N’U NKARABE HA KE HOELETSA HO UENA MORENA.
Morena, ke u boka ka pelo ea ka eohle,
ke u roka ka lifela pel’a manyeloi.
Ke itihela fatše
ka pel’a tempele e halalelang ea hao,
‘me ke boka lebitso la hao,
ka baka la mohau oa hao le ‘nete ea hao.
U N’U NKARABE HA KE HOELETSA HO UENA MORENA.
Hobane u phahamiselitse lebitso la hao,
ka holim’a tsohle.
U n’u nkarabe ha ke hoeletsa ho uena,
ua fa pelo ea ka matla a macha.
U N’U NKARABE HA KE HOELETSA HO UENA MORENA.
U tla nqobeletsa khalefong ea lira tsa ka,
u otlolle sephaka sa hao
’me letsoho la hao le mpholose.
Morena o tla phethahatsa
merero eohle ea hae holim’a ka.
U N’U NKARABE HA KE HOELETSA HO UENA MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.(7,7-12)
“Mang le mang ea kopang, oa amohela.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Kopang, le tla fuoa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla buleloa. Efela mang le mang ea kopang oa fuoa, ea batlang oa fumana, ‘me ea kokotang o tla buleloa. Hona ke mang oa lona eo, ekareng ha mora oa hae a mo kopa bohobe, eaba o mo fa lejoe na? Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha?
Ha ho le joalo, ha lona le leng babe le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, Ntat’a lona ea maholimong eena o tla fana haholo hakakang ka tse molemo ho ba mo kopang!
Ha ho le joalo, tsohle tseo le ka ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona: ke ona Molao le Baprofeta.
