Vinkmag ad

La 14 Hlakola 2026

Beke ea 5 har’a selemo

Latšelela

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (12:26-32;13:33-34)

Jeroboame a etsa manamane a mabeli a khauda.

Matsatsing ao, Jeroboame a re ka pelong ea hae, ha litaba Ii ka ‘na tsa tsamaea tjena, puso e tla khutlela tlung ea Davida. Efela ha sechaba sena se ka ‘na sa nyolohela Tempeleng ea Morena, Jerusalerna, ho ea nyehela mahlabelo, lipelo tsa batho bana Ii tla boela li hoheloa ke morena oa bona, Rehoboame, khosi ea Juda. Ba tla mpolaea, ba be ba khutlele ho Rehoboame, khosi ea Juda.

Khosi ea imamela, ea nt’ o etsa manamane a mabeli a gauda, ea re ho sechaha: E se e le nako e telele joale le nyolohela Jerusalema. Ba-Israele, melimo ea Iona ke ena, e le ntšitseng naheng ea Egepeta. Jeroboame a beha e ‘ngoe Bethele, e ‘ngoe a e beha Dane. Ntho ena ea isa batho sebeng, ea e-ba mekoloko le ho ea fihla Dane.

A aha litempele tsa liqalo tse phahameng, a ba a beha ba bang baprista ba inketsoeng har’a sechaba feela, bao e seng bara ba Levi. Jeroboame a laela hore ho etsoe mokete khoeling ea borobeli, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli, mokete o kang o etsoang Juda, ‘me eena ka sebele a nyolohela aletareng. A etsa joalo Bethele, a nyehela manamane ao a a entseng mahlabelo. Hape moo Bethele a beha baprista ba liqalo tse phahameng tseo a Ii hlommeng.

Le ka mor’a tsena, Jeroboame ha a ka a tlohela metsamao ea hae e mebe. A ‘na a boela a behela liqalo tse phahameng ba inketsoeng har’a sechaba feela. O n’a khetha mang kapa mang ea ratang, hore e be moprista oa liqalo tse phahameng. Ntho ena ea isa ntlo ea Jeroboame sebeng, ‘me ea e-ba lebaka la ho timetsoa le ho felisoa ha eona lefatseng.

 

PESALEMA 105

 U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTŠA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.

 Re sitiloe rona le bo-ntat’a rona,

re entse phoso, re molato.

Bo-ntat’a rona, Egepeta,

ha ba ka ba utloisisa tse tsotehang tsa hao.

U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTŠA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.

Ba iketsetsa namane Horebe.

ba itihela fatše ka pel’a setšoantšo sa tšepe.

Ba furalla tlotla ea bona,

ba retelehela setšoantšong sa khomo e fulang joang.

U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTŠA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.

Ba lebala Molimo ea ba pholositseng,

ea entseng tse kholo Egepeta,

tse tsotehang naheng ea Hame,

le limakatso Leoatleng le Lefubelu.

U RE HOPOLE, MORENA, HA U BONTŠA LERATO LA HAO HO SECHABA SA HAO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (8:1-10)

 Ba ja ‘me ba khora.

 Ka nako eo, ha batho ba bangata ba ne ha e-na le Jesu, ‘me ba hloka seo ba se jang, Jesu a bitsa barutuoa ba hae, a re ho bona: Ke utloela batho bana bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo ba bile le ‘na ‘me ba hloka seo ba ka se jang. Ha nka ba qhala ho ea mahaeng a bona ba lapile ba tla felloa ke matla tseleng hobane ba bang ba bona ba tsoa hole.

Barutuoa ha hae ba mo arabela, ba re: Ke hokae moo motho a ka fumanang mahobe a ka lekanang hore ba khore mona nahathothe na? A botsa, a re: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng.

Eaba o laela Ietsoele ho lula fatše. A nka mahobe a supileng, a leboha, a a ngoatha ‘me a a neha barutuoa ha hae hore ba a abe, ‘me ba a abela batho. Hape ba ne ba e-na le lihlapinyana Ii se kae; le tsona a li hlohonolofatsa ‘me a laela hore Ii abuoe.

‘Me ba e-ja, ba khora; ba ba ba bokella liroto tse supileng tsa marathana a setseng. Athe ba jeleng e ne e batla e e-ba likete tse ‘ne. A nt’o ba qhala. ‘Me kapele-pele, a hloella ka sekepaneng le barutuoa ba hae, a ea naheng ea Dalmanutha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Hlakola 2026

Read Next

Sehopotso sa Cyril ea Halalelang Moprista le Methodius ea Halalelang Mobishopo

Most Popular