Vinkmag ad

La 7 Hlakola 2026

Beke ea 4 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (3:4-13)

Ak’u sitse  mohlanka  oa  hao  ka  pelo  e  nang  le  kutloisiso, a  tle a   buse  sechaba  sa  hao  ka   toka.

Matsatsing ao, Salomone a ea Gibeone, qalong e phahameng e khethehileng, ho nyehela sehlabelo teng. Salomone a nyehela licheso tse sekete aletareng eona eo. Gibeone, Morena o ile a iponahatsa ho Salomone bosiu torong. Molimo a re: Kopa seo u ka ratang hore ke u nehe sona.

Salomone a re: U etselitse Davida ntate, mohlanka oa hao, mohau o moholo, hobane o ile a tsamaea pel’a hao ka botšepehi, ka ho loka le ka pelo e se nang mano. U ‘moloketse mohau ona o moholo, ua mo neha mora, ea lutseng teroneng ea hae kajeno. Joale, Morena Molimo oa ka, ke uena ea behileng mohlanka oa hao khosi tulong tsa ntat’ae Davida; athe ‘na ke sa le mohlankanyana feela, ea e-song ho tsebe le ho itsamaisa.

‘Me mohlanka  oa  hao  o  har’a  sechaba  sa hao seo u ikhethetseng sona, e Ieng sechaba se seholohali, se ke keng sa lekanngoa leha e le ho baloa ka baka la bongata ba sona. Ha ho le joalo, ak’u sitse mohlanka oa hao ka pelo e nang le kutloisiso, a tle a buse sechaba sa hao ka toka, a khethe botle ho bobe. Hobane ke mang ea ka busang sechaba see sa hao se seholo hakale?

Ho ile ha khahlisa Morena, hore Salomone a kope ntho e joalo. Molimo a re ho eena: Ere ka ha u kopile ntho e joalo, u sa ka ua ikopela bophelo bo bolelele, leha e le Ieruo kapa lefu la lira tsa hao, u mpa u ikopetse tsebo ea ho hlalohanya likahlolong tsa hao, ke se ke phetha kamoo u kopileng kateng; Ke u sitsa ka pelo e nang le bohlale le kutloisiso, hoo ho e-song ho be le ea mong ea kang uena ‘me ha a sa tla ba teng le ka mohla.

Ke u neha le seo u sa se kopang, leruo le letlotlo, hoo bophelong ba hao, ho ke keng ha e-ba le ea kang uena har’a likhosi tsohle.

 

PESALEMA 118                           

NTHUTE   THATO   EA   HAO, MORENA.

 

Morena, e mocha o tla boloka joang

tsela ea hae e hloekile?

Ka ho ela Iipolelo tsa hao hloko.

Ke u batla ka pelo eohle ea ka,

se ntumelle ho kheloha melao ea hao.

NTHUTE   THATO   EA   HAO, MORENA.

Ka pelong ea ka ke phuthetse pallo ea hao,

e se re ka u fosetsa.

U bokoe Morena!

Nthute thato ea hao.

NTHUTE   THATO   EA   HAO, MORENA.

Leleme la ka le lokolisa

likahlolo tsohle  tse  tsoang  molomong  oa hao.

Ke thabela tsela ea litemoso tsa hao

ho feta maruo ‘ohle.

NTHUTE   THATO   EA   HAO, MORENA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:30-34)

 

Ba ne ba ka linku tse senang molisa.

Ka nako eo, Baapostola ba khutlela ho Jesu, ba mo phetela tsohle tseo ba Ii entseng le tseo ba Ii rutileng. Eaba o re ho bona:  A re tsoeleng thokoana, naha-thote, le ke le phomole ho se ho kae. Batho ba tlang ba khutla, ba ne ba le bangata hoo baapostola ba neng ba hloka le sebaka sa ho ja feela.

Eare hoba ba kene sekepaneng, ba ikela naha-thote ba inotsi. Empa ba bangata ba ba bona ha ba tloha, ba ba elelloa moo ba Iebang teng. Ke ha batho ba tsoang metseng eohle  ba  mathela   teng  ka  maoto   ‘me   ha  ba fihlela pele.

Ha Jesu a e-tsoa sekepaneng, a bona batho ba bangata hakalo, a ba utloela bohloko hobane ba ne ba ka linku  tse  se  nang  molisa,  ‘me  a  qala  ho  ba  ruta  litaba tse ngata.

 

 

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Hlakola 2026

Read Next

La 9 Hlakola 2026

Most Popular