Vinkmag ad

La 6 Hlakola 2026

Beke ea 4 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Siraka. (47:2-13)

Ka pelo eohle ea hae, Davida a bina lifela ho bontša lerato la hae ho Morena Molimo.

Ka pelo eohle ea hae, Davida a bina lifela ho bontša lerato la hae ho Morena Molimo.

 

Joaloka mafura a behelloang ka thoko sehlabelong, Davida o khethiloe joalo ka har’a bana ba Israele. A bapala le litau joaloka ha eka ke lipotsanyane, le libere joaloka ha eka ke likonyana.

A na ha se eena, eo bocheng ba hae a ileng a bolaea seqhobane, ‘me a hlakola sekhobo sa sechaba sa habo, h’a betsa lejoe ka letjeketjane, a liha Goliatha oa moikakasi? A hoeletsa ho Morena ea matla-‘ohle,’me eena a neha letsoho le letona la hae matla, a ho ketola mohlabani eo ea tsebang ntoa le a ho tsosa sechaba sa habo molota.

Ka hoo a rokoa e le ea hlotseng likete tse leshome, a rorisoa ka baka Ia mahlohonolo a tsoang ho Morena, a nehoa mofapahloho oa borena. Hobane o ile a timetsa lira tse mo pota-potileng, ‘me a ripitla Bafilista ba mo Ioantšang, hoo matla  a  bona  a  ileng  a  fela  ho fihlela le kajeno.

  • Liketsong tsohle tsa hae a Ieboha ‘me a tlotlisa Ea halalelang, Ea matla-‘ohle. Ka pelo eohle ea hae a bina lifela ho bontša lerato Ia hae ho ‘Mopi. A Iaela hore ho letsoe Iiharepa pel’a aletare ho natefisa Iipina ka moIumo oa A eketsa botle ba mekete, a hlophisa linako ka mokhoa o phethehileng, e le hore batho ba rorise lebitso le halalelang Ia Morena ‘me sehalalelo sa hae se lume ho tloha hoseng.

Morena a mo leballa libe, a mo fa bophahamo bo tla ba kamehla eohle, a hlaba selekane le eena ho mo etsa khosi le ho mo fa setulo sa borena   Israeleng.

 

PESALEMA 17               

 

HO PHAFSHOE MOLIMO MOPHOLOSI OA KA.

 

Litsela tsa Molimo ha Ii na nyatseho,

lentsoe Ia Morena le ka gauda e tsekehileng,

Morena ke thebe

    ea bohle ba tšabelang ho   eena.

HO PHAFSHOE MOLIMO MOPHOLOSI OA KA.

                                                                 

Morena a re phelele! Ho bokoe eena Iefika la ka,

ho phafshoe Molimo, Mopholosi oa ka!

Ka baka leo ke tla u rorisa har’a Iichaba, Morena,

ke binele Iebitso la hao.

 

HO PHAFSHOE MOLIMO MOPHOLOSI OA KA.

 

uena ea sitsitseng khosi ea hao ka Iitlholo tse kholo,

uena ea tšepahetseng  ho motlotsuoa oa  hao.

 

HO PHAFSHOE MOLIMO MOPHOLOSI OA KA.

 

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.  (6:14-29)

Joannes eo ke mo khaotseng hloho, ke eena ea tsohileng bafung.

 

Ka nako eo, morena Heroda a utloa tsa Jesu, hobane lebitso la hae le ne le tumme haholo. Ba bang ba ne  ba re: Joannes  Mohlatsoi  o  tsohile  bafung;  ke  ka  baka leo a nang le  matla  a  ho  sebetsa  mehlolo  ena. Empa ba bang ba ne ba re: Ke Elia. Ba bang hape ba re: Ke moprofeta ea joaloka e mong oa baprofeta.  Heroda ha a utloa tseo a re:  Joannes eo ke mo khaotseng hloho, ke eena ea tsohileng bafung.

Heroda o ne a ile a romela batho ho ea tšoara Joannes, a mo kenya chankaneng ka kaba la Herodiase eo Heroda a neng a mo nyetse, leha e ne e le mohats’a Filipi ngoan’abo. Efela Joannes o n’a re ho Heroda: Ha ho lumellehe hore u nke mosali oa ngoan’eno.

Ha e le Herodiase, eena o n’a hloile Joannes haholo, a batla ho ‘molaea, a mpa a sitoa, hobane Heroda o n’a mo tšaba, ka ho tseba hore ke motho ea Iokileng, ea halalelang, ‘me o n’a mo sireletsa. Hoba a mo utloe, o n’a tsieleha haholo; leha ho le joalo, o n’a mo mamela a se na lekhonono.

Empa monyetla oa hlaha, ka letsatsi la khopotso ea tsoalo ea Heroda. A etsetsa mahosana le balaoli ba hae le batho ba baholo ba Galilea mokete oa lijo. Eare hoba morali oa Herodiase a kene, a etsa chao, ‘me a khahlisa Heroda le ba neng ba le lijong le eena.

Eaba morena o re ho moroetsana: Nkope seo u se ratang, ke tla u fa sona. A ba a mo hlapanyetsa, a re: Sohle seo u tla se kopa, ke tla u fa sona, leha e ka ba karolo ea bobeli ea ‘muso oa ka.

Moroetsana a tsoa, a fihla, a botsa ‘m’ae, a re:  Ke tla kopa’ng na? Eo a re:  Hloho ea Joannes Mohlatsoi. Hang a potlakela ho boela ho morena,   a kopa, a re:  Ke rata hore hona  joale  u  mphe ka  mokeke hloho ea Joannes  Mohlatsoi.

Morena a soaba haholo, empa ka baka Ia boikano ba hae, le ka baka Ia ba neng ba le Iijong le eena o n’a sa batle ho mo hanela. Hang a roma e mong oa balebeli, a mo Iaela hore a tlise hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Molebeli a ea, a fihla a mo khaola hloho ka chankaneng; a nt’o tlisa hloho ea hae ka mokeke, a e nehela ngoanana, ‘me ngoanana a e nehela ‘m’ae.

Eitse ha barutuoa ba Joannes ba utloa hoo, ba tla ho nka setopo sa hae, ‘me ba se boloka  lebitleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Hlakola 2026

Read Next

La 7 Hlakola 2026

Most Popular