Setsi sa Lesotho sa Litšebeletso tsa Lekhetho(RSL) ka basebeletsi ba sona ba hloahloa temong ea lifate, se ithukhubelitse ka matla a maholo ka ho tsoelapele ho apesa Naha ea Lesotho ka botala ba temo ea lifate, se bile kampong ea Sesole sa Lesotho Seterekeng sa Mafeteng ka la 18 Tšitoe monongoaha ho ea ntlafatsa sebaka seo ka ho lema lifate tsa meru tse 2000 ka palo le bacha ba ntseng ba le tlasa koetliso ea sesole(Boot Camp) nakong ena ea phomolo ea Lehlabula.
Morero ona o moholo oa RSL oa ho etsa naha botle le ho fana ka bophelo bo botle ho sechaba ka temo ea lifate o qalile ka selemo sa 2023, ka nako eo Setsi se neng se tšoaea ketekelo ea lilemo tse 20 se thehiloe, moo se neng se etse boitlamo ba hore se tla lema lifate tse 40,000. Ka hona Setsi se ile sa ikeletsa hore selemo le selemo se tla ntlafatsa naha ka ho lema lifate tse 1,000. Ho fihlela hajoale se lemme lifate tse 8,000 libakeng tse fapakaneng, ‘me tebello ke hore ha selemo sa bona se fihla pheletsong ka la 31 Tlhakhubele 2026 ba be ba fihletse toro ea bona.
H’a bua tšebeletsong ena lebitsong la Komishinara ea RSL, Mofumahali ‘Matlhohonolofatso Mosaase o boletse hore o motlotlo haholo ho lema lifate le bacha bao e leng bokamoso le baetapele ba naha ena, kaha ba ithutile, ba bone hore na ho baballa tikoloho ba boetse ba nontša mobu ho etsoa joang.
“Ke na le tšepo e tiileng ea hore ha le tl’o fella mona feela le tl’o joetsa lithaka tsa lona hore na ho etsoang le boele le joetse le ba malapa a habo lona le sechaba ka kakaretso, e le hore kaofela ha rona re ‘ne re tsoelepele boitlamong le ponong ea ho bona Lesotho le le letala.” A rialo a bile a phaella ka hore ka temo ea lifate bohle re nchafalitse tikoloho empa e seng eona feela le ho ba le tšepo hobane ha Lesotho le ntlafetse le le letala, ka bo eona taba eo feela e bua ho hong ho rona ba shebileng.
“Ha u ea linaheng tse ling ha u fihla u e-s’o nahane letho ha u qala o bona lifate u bona botala, u se u ntse u e-ba le maikutlo a hore batho ba mona ba phela hantle, ba hema moea o hloekileng, tikoloho ea mona e una molemo ke lifate tsena tse tala le mobu oa mona o nonneng. Re kentse letsoho le rona hore re ke re fane ka pono e joalo.” O boletse joalo a phethela ka ho isa liteboho tsa hae tse khethehileng ho Sesole sa Lesotho ka tšehetso ea sona e matla le ho basebeletsi bohle ba RSL ba tšehelitseng ka matla morero ona o moholo oa temo ea lifate.
Lebitsong la LDF Lt. Col. Bokang Melato o itse ke lehlohonolo le leholo la hore ebe lifate tsena li lengoa kahare ho sebaka sa kampo ea sesole kaha li tlil’o tsoela sesole se melemo e meholo. A tiisa hore phano le temo ea lifate tsena ke mpho e kholo ho bona hobane ha e na ho tla tsoela bona feela molemo empa le moloko o tlang, o tla imona monoana. A re mohlomong le ba bang ba bacha ba tlileng koetlisong ea phomolo ena ea Lehlabula ba kentseng letsoho temong ea lifate tsena, le bona ka letsatsi le leng ba tla iphumana ba lula koano, ‘me ba tla ikotla sefuba ka hore le bona ba kentse letsoho.
A re taba ena ea temo ea lifate sebakeng sena sa bona ke ea bohlokoa haholo hobane ke karolo ea lithuto tseo bacha bana ba koetlisong ba li etsang. A bontša hore e ‘ngoe ea lithuto tsa mantlha tsa bona ke ho bona hore bacha bana, ha koetliso e fela ba be ba tseba ho itšoarela ka matsoho. “Re etsa bonnete ba hore ba tseba ho itšoarela ka matsoho. Le se le ntse le bona hore na lifate li lengoa joang, ‘me haeba lapeng ha ho na le haele sefate le se le bontšitsoe hore na li lengoa joang. E tla re ha le fihla mahae le li leme.” Ke eena eo.
Lebitsong la Lekala la Tikoloho le Meru, Monghali Pusetso ‘Mantutle o ile a fana ka thuto mabapi le bohlokoa ba lifate bophelong ba rona re le sechaba. A bontša har’a tse ling hore lifate li hloekisa sepaka-paka e le ho loantša boemo ba phetoho ea leholimo le ho re thusa ho hema moea o hloekileng. O boetse fana ka thuto mabapi le mokhoa o nepahetseng oa ho lema lifate le linako tsa ho se tšella e le ho li baballa.
