Beke ea 2 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (18:6-9;19:1-7)
“Saule, motsoali oa ka, o batla ho u bolaea.”
Matsatsing ao, ha ho khutleloa hae, Davida a tsoa bolaea mo-Filista, basali ba tsoa ka metse eohle ea Israele ho tla khahlametsa khosi Saule ba bina, ba hlakisa, ba tilinya meropa, e le mehoo ea thabo feela, ho Ila mashoehle-shoehle. Basali ba hlakisang ba phokola pina, ba re: Saule o bolaile ba hae ba sekete, Davida o bolaile ba hae ba mashome a likete.
Saule a halefa haholo, taba ena ea mo hlaba. A re: Ba nehile Davida ba mashome a likete, ‘me ‘na ba ‘nehile ba sekete feela. Ha a sa haelloa ke letho, ha e se ho ba khosi feela. Ho tloha mohlang oo, Saule a sheba Davida ka ihlo le lebe.
Saule a bua le Jonathane mor’a hae, le bahlanka bohle ba hae ka tsa ho bolaea Davida. Empa Jonathane, mor’a Saule, o n’a mpa a rata Davida haholo. Joale Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule motsoali oa ka, o batla ho u bolaea. Ka baka leo u itlhokomele ho tloha hosasa hoseng. U ipate moo u sa tl’o bonoa. Ha e le ‘na, ke tla ea le ntate tšimong eo u tla beng u le ho eona; ke tla u buella ho ntate, ke bone hore na ho joang, ebe kea u tsebisa.
Jonathane a bua hantle ka Davida ho Saule, ntat’ae, a re ho eena: khosi e se k’a mp’a etsa mohlanka oa eona Davida hampe hobane le eena ha a ka a u etsa hampe, ebile liketso tsa hae li bile molemo haholo ho uena. O ile a u tella le bophelo ba hae, ha a tla ea bolaea Mo-Filista, ‘me ka eena Morena o sitsitse Israele eohle ka tlholo e kholo. U e bone le uena ua ba ua e thabela. Joale u ka siteloa mali a se nang molato joang, ka ho bolaela Davida lefeela na?
Saule a mamela lentsoe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Morena ea phelang, ha a ka ke a bolaoa.
Eaba Jonathane o bitsa Davida, ‘me o mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a nt’o mo khutlisetsa ho Saule, ‘me Davida a boela a mo sebeletsa joaloka pele.
PESALEMA 55
KE TŠEPILE MOLIMO, HA KE SA TŠABA.
Nkhauhele, Molimo, hobane batho ba nkhateletse
ba ntoantšang ba ntšoenya tsatsi lohle.
Lira tse mahlo a nchocho li nkhatella tsatsi lohle
ba ntoantšang ke bongata bo se nang palo.
KE TŠEPILE MOLIMO, HA KE SA TŠABA.
U tsebile tsa boleleri ba ka:
Ak’u bokelle meokho ea ka ka lekukeng la hau.
Joale lira tsa ka li tla checha,
mohla ke hoeletsang ho uena;
KE TŠEPILE MOLIMO, HA KE SA TŠABA.
Hobane kea tseba Molimo o eme le ‘na.
Ke tšepile Molimo eo ke rorisang polelo ea hae,
Morena eo ke rorisang polelo ea hae.
KE TŠEPILE MOLIMO, HA KE SA TŠABA.
Ke tšepile Molimo, ha ke sa tšaba;
motho a ka nketsa’ng?
Ke tlanngoe ke likano tseo ke u etselitseng tsona,
Molimo oa ka, ke tla u nyehela mahlabelo a teboho.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoałg ke Mareka. (3:7-12)
“Meea e litšila e hooa, e re: “U Mor’a Molimo,” empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.”
Ka nako eo Jesu a ikela le barutuoa ba hae nqa ea leoatle ‘me a saloa morao ke bongata bo boholo ba batho bo tsoang Galilea, Judea, Jerusalema, Idumea, le naheng e mose ho Jordane, le tikolohong ea Tire le Sidone.
Ha batho ba utloa tseo a li etsang, ba tla ho eena ka bongata bo boholo. A bolella barutuoa ba hae ho mo lokisetsa sekepana, ka baka la letšoele, hore batho ba tle ba se ke ba mo petetsa. Hobane, ka ha a n’a folisa ba bangata, ba ne ba horometsehela ho eena, ba tle ba mo ame. ‘Me meea e litšila, ha e ‘mona, e ne e itihela fatše kapel’a hae, e hooa, e re: “U Mor’a Molimo.” Empa eena o n’a e laea thata hore e se ke ea ‘molela.
