Vinkmag ad

La 21 Pherekhong 2026

Sehopotso sa Agnes ea Halalelang, Movirigo le Moshoela-tumelo.

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Sefela sa Lifela (8:6-7)

“Lerato le matla seka lefu.”

Mpehe joaloka letšoao pelong ea hau, joaloka letšoao sephakeng sa hau, hobane lerato le matla se ka Lefu, poulelo e sehloho se ka Qalo-ea-bafu; malakabe a lona a ka malakabe a mollo, ke khabo e tšabehang.

Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, esitana le linoka li ke ke tsa le qoelisa. Ha eba motho a n’a ka fana ka maruo ‘ohle a hae ho fumana lerato, o n’a tla boelloa ke nyeliso feela.

PESALEMA 148

ALLELUIA

Rorisang Morena, lona tsohle tse maholimong,

mo roriseng liphahameng.

Mo roriseng, lona manyeloi ‘ohle a hae,

mo roriseng, lona makhotla ‘ohle a hae.

 ALLELUIA

Lona marena a lefatše, le lona lichaba tsohle,

lona mahosana le baahloli bohle ba lefatše,

lona bahlankana le lona baroetsana,

lona maqheku le lona ba bacha.

ALLELUIA

Ba ke ba rorise lebitso la Morena,

hobane lebitso la hae le inotši

botlotlehi ba hae bo phahametse leholimo le lefatše,

‘me o matlafatsa sechaba sa hae.

ALLELUIA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:38-42)

“Maretha a mo amohela ka tlung ea hae.”

Ka nako eo, Jesu a kena motsaneng o mong. Mosali ea bitsoang Maretha a mo amohela ka tlung ea hae. O n’a e-na le ngoan’abo ea bitsoang Maria, ea neng a lutse maotong a Morena, a mametse lentsoe la hae.

Ha e le Maretha, o n’a tšoarehile haholo ke ho ba sebeletsa. A ba a tla a re: Morena, ha u re letho ha ngoan’eso a ntlohetse ke le sebeletsa ke le mong na? Ak’u ‘molelle a nthuse!

Empa Morena a araba, a re ho eena: Maretha, Maretha, ua ipelaetsa le ho ikhathatsa ka tse ngata-ngata; athe ho hlokahala ntho e le ‘ngoe feela. Maria o ikhethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Pherekhong 2026

Read Next

La 22 Pherekhong 2026

Most Popular