Vinkmag ad

La 16 Pherekhong 2026

Beke ea 1 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (8:4-7.10-22)

“Le tla Ilisoa ke khosi ea Iona empa Morena a ke ke a le natsa.”

Baholo bohle ba Israele ba phutheha, ba tla ho Samuele, Rama, ba re ho eena: Ua bona, u s’u holile, ‘me bara ba hau ha ba tsamaee mehlaleng ea hau. Joale he, re behele Khosi, e tla re busa joaloka lichabeng tse ling tsohle. Taba ena ea ha ba re: Re behele khosi e tla re busa ea soabisa Samuele. Samuele a rapela Morena.

Morena a re ho Samuele: Mamela puo ea sechaba kahohle kamoo se buang le uena kateng; hobane ha se uena eo ba mo Iahlileng, ba Iahlile ‘na, hore ke se hlole ke ba busa.

Samuele a phetela sechaba, se kopileng khosi ho eena, lipolelo tsohle tsa Morena. A re: Ke tsena litokelo tsa khosi e tla le busa: e tla nka bara ba Iona, e ba sebelise kariking le lipereng tsa eona, ba mathe kapel’a kariki ea eona. E tla beha ba bang ho ba balaoli ba mabotho a arotsoeng ka likete le ka mashome ka bohlano; e sebelise ba bang ho e lemela le ho e kotulela; ba bang ba e teele libetsa tsa ntoa, le ho e Iokisetsa thepa ea likariki.

Hape khosi e tla nka barali ba Iona ba bang e be ba lokisang litlolo, ba bang e be ba phehang Iijo, ba bang mahobe. Ha e le masimong a Iona, merareng le mehloareng ea Iona, e tla hloaea tse ntle ho li neha bahlanka ba eona. Lijalong le merareng teng e tla le khafisa karolo ea leshome ho e neha matona le bahlanka ba eona. E tla nka ba batle har’a bahlanka le makhabunyane a Iona, le tse ntle har’a likhomo le liesele tsa Iona, ho phetha mesebetsi ea eona.

Likhutšoaneng tsa Iona e tla le khafisa karolo ea leshome; le Iona le tla ba makhoba a eona. Mohlang oo le tla Ilisoa ke khosi ea lona eo le ikhethetseng eona, empa tsatsing Ieo Morena a ke ke a le natsa.

Empa sechaba sa hana ho mamela Samuele, sa re: Che, re rata ho ba le khosi e re busang, re tle re tšoane le lichaba tse ling tsohle, khosi ea rona e tle e re tsamaise, e re etelle pele, e be e laole le lintoa tsa rona.

 
   
 
   

Samuele a mamela lipolelo tsohle tsa sechaba, ‘me a li isetsa Morena. Eaba Morena o re ho Samuele: Mamela puo ea bona, u ba behele khosi.

PESALEMA 88 (16-9.2)

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KAMEHLA.

Ho Iehlohonolo sechaba

se tloahetseng ho u etsetsa litlatse,

se tsamaea khanyeng ea sefahleho sa hau, Morena.

se thabela Lebitso la hau tsatsi Iohle,

se ithorisa ka toka ea hau.

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KAMEHLA.

Ke uena khanya ea matla a sona,

ha u khahloa re tsoha molota.

Morena ke thebe ea rona,

   Ea halalelang oa Israele ke khosi ea rona.

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAU KAMEHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (2:1-12)

“Mor’a motho o na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe.”

Ka morao ho matsatsi a seng makae, Jesu a boela a kena Kafarnauma, ‘me ha utloahala hore o teng hae. Batho ba khobokana ka bongata, hoo ho neng ho bile ho patisane le monyako. Eena o n’a ba ruta Lentsoe.

Ba bang ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho, a jeroe ke batho ba bane. Eare ka ha ba ne ba sitoa ho mo fihlisa pel’a Jesu, ka baka la letšoele ba kupulla marulelo a ntlo eo a neng a le ka ho eona; ‘me ha ba phuntse lesoba, ba theolela liphate tseo motho a shoeleng litho a neng a robetse ho tsona.

Eitse ha Jesu a bona tumelo ea bona, a re ho ea shoeleng litho: Ngoan’a ka, u tšoaretsoe libe tsa hau. Bangoli ba bang ba lutseng moo, ba qala ho inahana ka lipelong tsa bona, ba re: Motho eo o bua joalo ka baka la’ng? Oa nyefola! Ke mang ea ka tšoarelang libe, ha e se Molimo feela?

Jesu a phakisa a elelloa ka moea oa hae hore ba hopola joalo ka Iipelong tsa bona, ‘me a re ho bona: Le nahanela’ng tsena ka Iipelong tsa Iona? Ho bonolo ke hofe, ha e le ho re ho ea shoeleng litho: U tšoaretsoe libe tsa hao, kapa ho re: Tsoha, nka liphate tsa hau, u tsamaee. Joale hore le tle le bone hore Mor’a motho O na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe, eaba o re ho ea shoeleng Iitho: Ke re ho uena: Tsoha, u nke Iiphate tsa hau, u ikele hae.

‘Me hang eo a ema, a nka Iiphate tsa hae, a tsamaea mahlong a bohle, hoo ba ileng ba hlolloa, ba tlotlisa Molimo, ba re: Le ka mohla, ha re e-s’o bone ntho e joalo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Pherekhong 2026

Read Next

La 17 Pherekhong 2026

Most Popular