Beke ea 3 ea Advente
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Sofonia. (3:1-2.9-13)
“Pholoho e tsoang ho Messia e balletsoe bohle ba fumanehileng ka moea.”
Ke sena seo Morena a se bolelang: Ho malimabe motse o ikhantšang, o silafetseng, o tlatlapang! Ha ho lentsoe leo o le mamelang, ha o amohele khalemo efe kapa efe, ha o tšepe Morena le ka mohla, ha o batle ho atamela ho Molimo oa oona.
Mohlang oo, ke tla neha lichaba melomo e hloekileng, hore kaofela li tle li rapele lebitso la Morena, li be pelo-nngoe ho mo sebeletsa. Ba nthapelang ba tla hlaha mose ho linoka tsa Ethiopia, ba tle ‘moho le bana ba ka ba qhalakaneng, ba ntlisetse linyehelo.
Tsatsing leo, uena Jerusalema, ha u sa tla hloka ho ba lihlong ka liketso tsohle tseo u ntoantšitseng ka tsona, hobane mohlang oo ke tla tlosa ka hare ho uena baahi ba ikhohomosang, ba ikakasang, ‘me ha u sa tla hlola u ikhohomosa thabeng e halalelang ea ka.
Ke tla siea ka hare ho uena sechaba se eisehang ‘me se fokolang, se tla tšabela lebitsong la Morena.
Masalla a Israele ha a sa tla etsa tse sa lokang, ha sa tla bua mashano, leleme la ‘ona ha le sa tla bolela thetso. A tla fula, a be a bothe, ho se ea a tšoenyang.
PESALEMA 33
MOHLOKI KE EO A HOELETSA: MORENA A MO UTLOA.
Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
molomo oa ka o tla mo roka kamehla,
Moea oa ka o ithorisa ka Morena.
Ba hlophehileng ba ke ba utloe, ba be ba thabe.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA: MORENA A MO UTLOA.
Mo talimeng, ‘me lifahleho tsa lona li tla khanya,
le ke ke la hlajoa ke lihlong.
Mohloki ke eo a hoeletsa; Morena a mo utloa,
‘me a mo pholosa litlallong tsohle tsa hae.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA: MORENA A MO UTLOA.
Sefahleho sa Morena se halefetse ba etsang bobe,
ho ba hlakola lefatšeng hore ba se hlole ba hopoloa.
Ha ba lokileng ba hoeletsa, Morena oa ba utloa;
o ba ntša matšoenyehong ‘ohle a bona.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA: MORENA A MO UTLOA.
Morena o haufi le ba pelo li matetetso,
o pholosa ba meea e imetsoeng.
Morena o pholosa bophelo ba bahlanka ba hae;
ha ho le ea mong oa ba mo tšepang
ea tla fumana kotlo.
MOHLOKI KE EO A HOELETSA: MORENA A MO UTLOA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (21:28-32)
“Joannes a tla, empa ke baetsalibe ba ileng ba lumela ho eena.”
Ka nako eo, Jesu a re ho baprista ba baholo le ho baholo ba sechaba: Lona, le bona joang: Motho e mong o n’a e-na le bara ba babeli. A tla ho oa pele, a re: Mor’a ka, kajeno e-ea ho sebetsa morareng oa ka. Eena a araba, a re: “Kea hana,” empa kamorao a utloa a soaba ‘me a ea. Joale a tla ho e mong ‘me a bua joalo; ‘me eo a araba, a re: “Kea ea, morena,” empa a se ke a ea. Ho bona ba babeli ke ofe ea phethileng thato ea ntat’ae na? Ba re ho eena; Ke oa pele.
Jesu a re ho bona; Ka ‘nete, kea le bolella, bakhafisi le liotsoa ba tla kena ‘musong oa Molimo pele ho lona. Hobane Joannes o tlile ho lona ka tsela ea toka, ‘me ha lea lumela ho eena; athe bakhafisi le liotsoa ba lumetse ho eena, empa lona, leha le bone hoo, le hlokile pako ‘me ha lea lumela ho eena.
