Sehopotso sa Cecilia ea Halalelang, Movirigo le Moshoela-Tumelo.
Beke ea 33 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Bo-Makabea. (6:1-13)
“Ke shoa ke pelo-bohloko ka baka la bobe boo ke bo entseng Jerusalema.”
Matsatsing ao, ha Khosi Antioke a nts’a ea le linaha tse ka holimo, a utloa hore Persia ho na le motse o bitsoang Elimaise, o tummeng ka maruo a silvera le a gauda: le hore tempele ea moo e tletse matlotlo a mangata e na le lithebe tsa gauda, liaparo tsa bosole le lihlomo tse siiloeng moo ke Alexander mor’a Filippi, Khosi ea Makedonia, ‘me eo e bileng eena Khosi ea pele ea Ma-Gerike.
Eaba Antioke oa ea, a leka ho hapa motse, le ho inkela matlotlo a oona; a mpa a sitoa kaha baahi ba oona ba ile ba tseba morero oa hae.
Ba mo imela ntoeng; a ba a baleha, a tloha moo ho khutlela Babilone, a utloile bohloko haholo. O n’a sa le Persia, ha họ fihla leqosa le mo tsebisang hore mabotho a neng a futuhetse naha ea Juda a harasantsoe: esitana le Lisiase ea neng a futuha ka mphi e matla a chechisoa ke Bajuda ba neng ba se ba ikatetse ka lihlomo le thepa e ngata eo ba neng ba e hapile ho mabotho a lira tseo ba li hlotseng.
Hape Bajuda ba lihetse fatše tlontlollo eo a neng a e ahile holim’a aletare Jerusalema; ba bile ba lika-likelitse joaloka pele Qalo e Halalelang, ka marako a phahameng; ba entse joalo le motseng oa Betsura. Eitse ha khosi Antioke a utloa tsena, a nyaroha habohloko, a ferekana hampe, a ba a ea itahlela liphateng, a kula ke pelo-bohloko, hobane ha hoa phethahala kamoo a neng a lakalitse kateng.
A robala liphateng matsatsi a mangata, bohloko bo boholo ba pelo bo ntse bo mo tšoara nako le nako, ‘me a elelloa hore a ka ‘na a shoa. Eaba o bitsa metsoalle eohle ea hae a re ho eona:
“Mahlo a ka ha a sa tseba boroko, pelo ea ka e imetsoe ke ho ngongoreha: Ke bua ka pelo, ke re: Ho tlile joang hore ebe ke sesa har’a mathata a makana, ‘na ke neng ke le motho ea molemo, ea ratuoang, ha ke sa le matla! Empa joale ke hopola bobe boo ke bo entseng Jerusalema, ka ho nka lintho tsohle tsa silvera le tsa gauda tse neng li le moo ‘me ka laela hore ho timetsoe baahi ba Juda ntle ho lebaka. Ke utloisisa hore ke ka mabaka ao ke oetsoeng ke bomalimabe bo tjena ‘me ke shoang ke pelo-bohloko naheng esele.”
PESALEMA 9
MORENA, KE THABILE, HOBANE U MPHOLOSITSE.
Ke tla u boka ka pelo eohle ea ka, Morena,
ke tla phatlalatsa liketso tsohle
tse tsotehang tsa hau.
Ke tla thaba, ke nyakalle ka uena,
ke roke lebitso la hau ka lifela,
uena Ea holimo-limo.
MORENA, KE THABILE, HOBANE U MPHOLOSITSE.
Lira tsa ka li chechile ka santhao,
tsa soahlamana, tsa timela ha u hlaha.
U khalemetse lichaba, u timelitse ea khopo,
lebitso la bona u le hlakotse ho isa khale.
MORENA, KE THABILE, HOBANE U MPHOLOSITSE.
Lichaba li tloletse ka lemeneng
leo li le chekileng,
li tšoasitsoe maoto ke leraba leo li le chehileng,
hobane mofutsana a ke ke a lebaloa
ka mengoaha e metelele,
le tšepo ea ba hlophehileng
e ke ke ea nyopa kamehla.
MORENA, KE THABILE, HOBANE U MPHOLOSITSE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (20:27-40)
“Molimo ha se oa ba shoeleng, empa ke oa ba phelang.”
Ka nako eo, ha tla ho Jesu ba bang ba Basadukke ba latolang tsoho ea bafu, ba ‘motsa, ba re: Moruti Moshe o re ngoletse molao o reng: Ha ngoan’abo motho e mong a e-shoa a siea mosali, empa a se na bana, ngoan’abo mofu a nyale mosali eo ‘me a tsosetse ngoan’abo leloko.
Joale, ho ne ho le teng bara ba motho ba supileng. Oa pele a nyala mosali ‘me a shoa a se na bana. Ea mo hlahlamang a nka mosali eo: ‘me le eena a shoa a se na ngoana; kamorao le oa boraro a etsa joalo, ‘me ha eba joalo ho bona ba supileng: kaofela ba e-shoa ba sa sia bana. Kamor’a bohle le eena mosali a shoa. Joale, mohla tsoho ea bafu e tla ba mosali oa ofe ho bona, ha e le moo e n’e le mosali oạ banna ba supileng?
Jesu a re ho bona: Bana ba lefatše lena b’a nyala ‘me b’a nyaloa: empa ba tla fumanoa e le ba tšoanelang lefatše le tlang le tsoho ea bafu, ba ke ke ba nyala leha e le ho nyaloa. Le hona ke bana ba Molimo, kaha ba e-na le kabelo tsohong. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, Moshe le eena a le bontša joalo litabeng tsa sehlahla se tukang, ha a re Morena ke Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo. Joale Molimo ha se oa ba shoeleng, empa ke oa ba phelang; efela bohle ba phelela eena.
Eaba ba bang ba bangoli ba araba, ba re: Moruti, u buile hantle. ‘Me ha ba ka ba hlola ba e-ba le sebete sa ho ‘motsa taba leha e le ‘ngoe.
