Beke ea 30 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (9:1-5)
“Nka be ke ratile ho rohakoa ke Molimo ka baka la bana beso.”
Bana beso! Ke bolela ‘nete pel’a Kriste, ha ke qale leshano, letsoalo la ka le mpakela ho Moea o Halalelang: ke soabile haholo, ke utloa bohloko kamehla pelong ea ka. Efela ‘na ka sebele sa ka, nka be ke ratile ho rohakoa ke Molimo le ho lahloa ke Kriste ka baka la bana beso, bao re leng seng le bona ka nama. Ke bona bao e leng ba-Israele, ba entsoeng bana ba Molimo, ba abetsoeng letlotlo la hae, ba hlabileng selekane le eena, ba nehiloeng Molao, ba nang le tšebeletso ea ‘nete, ba filoeng lipallo. Ke bana ba bo-ntata ba khale-khale ‘me Kriste ke oa leloko la bona ho ea ka nama, eena ea leng ka holimo ho lintho tsohle, Molimo ea bokoang ka bosafeleng. Amen.
PESALEMA 147
TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.
Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,
rorisa Molimo oa hau, uena Sione.
O tiisitse mekoallo ea menyako ea hau,
o hlohonolofalitse bana ba hau
ba phelang ka ho uena.
TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.
O entse hore khotso e be meeling ea hau,
o u khorisa koro e khethehileng.
O romela litaelo tsa hae lefatšeng,
molaetsa oa hae o matha ka potlako.
TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.
O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,
o nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.
Ha ho sechaba se seng seo
a kileng a se etsetsa joalo,
a se senolela likahlolo tsa hae.
TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (14:1-6)
“Ana ke mang oa lona, eo ekareng ha esele ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng a ke keng a e ntša ka letsatsi la Sabbatha na?”
Ka nako eo, ka letsatsi la Sabbatha, Jesu o n’a tlile lijong ka tlung ea e mong oa Bafarisi ba ka sehlohong, ‘me ba ne ba mo lisitse ka hloko.
Ho ne ho le teng ka pele ho eena motho ea khotšeng seema. Jesu a bua, a re ho baruti ba molao le ho Bafarisi: Ana ho lumeletsoe ho folisa ka sabbatha na? Empa ba khutsa.
Eaba eena oa mo tšoara, oa mo folisa a nt’o mo lokolla. A re ho bona: Ana ke mang oa lona, eo ekareng ha esele ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng, a ke keng a e ntša kapele-pele ka letsatsi la Sabbatha na? ‘Me ba sitoa ho mo arabela letho tabeng eo.
