Beke ea 30 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (8:26-30)
“Molimo o sebelisana le ba mo ratang a nts’a shebile molemo oa bona.”
Moea o re thusa bofokoling ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokhoa o tšoanelehang; empa ke Moea ka sebele o re rapellang ka lipoboli tse se nang tlhaloso. ‘Me Molimo ea lekolang lipelo o tseba se lakatsoang ke Moea, hobane oona o rapella bahalaleli ho ea ka thato ea Molimo.
Re tseba hore, linthong tsohle, Molimo o sebelisana le ba mo ratang a nts’a shebile molemo oa bona, e leng bao a ba bitsitseng ho ea ka morero oa hae.
Hobane bao a ba tsebileng pele, o hlile o ba reretse e sa le pele, hore ba tle ba etsoe ba tšoanang le Mora oa hae, e tle e be eena ka sebele letsibolo har’a baena ba bangata.
‘Me bao a ba reretseng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; le bao a ba bitsitseng, o bile o ba entse ba lokileng; le bao a ba entseng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.
PESALEMA 12
HA E LE ‘NA, KE TŠEPILE MOHAU OA HAU, MORENA.
Morena, Molimo oa ka, ntalime, u nkarabe;
fa mahlo a ka leseli,
esere ka robala boroko ba lefu,
sera sa ka se se tšohe se re: Ke mo hlotse,
le hona esere ka ho oa ka thabisa ba ntoantšang.
HA E LE ‘NA, KE TŠEPILE MOHAU OA HAU, MORENA.
Ha e le ‘na, ke tšepile mohau oa hau,
pelo ea ka e nyakaletse, hobane u mpholositse.
Ke tla binela Morena
ea nketselitseng tse molemo.
HA E LE ‘NA, KE TŠEPILE MOHAU OA HAU, MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:22-30)
“Ho tla tla ba tsoang Bochabela le Bophirimela ba tla lula lijong ‘musong oa Moimo.”
Ka nako eo, Jesu o n’a feta metseng le metsaneng a nts’a ruta, a le leetong la ho ea Jerusalema. Eaba e mong o re ho eena: Morena, na ba tlang ho pholosoa ke ba seng bakae na? Jesu a re ho bona:
Ikitlaeletseng ho kena ka monyako o patisaneng, hobane kea le bolella, ba bangata ba tla batla ho kena, empa ba sitoe. Hoba mong’a ntlo a eme ‘me a koale monyako, le tla qala ho kokota, le eme kantlę, le re: Morena, u re bulele. Empa o tla le araba, a re: Ha ke tsebe hore na le ba hokae.
Ke moo le tla qala ho re: Re ile ra ja ‘me ra noa le uena; u ile ua ruta mapatlelong a motse oa habo rona. Eena o tla boela a re ho lona: Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho ‘na, lona bohle ba entseng bokhopo. Ho tla ba teng lillo le litsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama le Isaaka le Jakobo, le baprofeta bohle ba le ‘musong oa Molimo, athe lona le leleketsoe kantle.
Ho tla tla ba tsoang Bochabela le Bophirimela, le Leboea, le Boroa, ba tla lula lijong ‘musong oa Molimo. ‘Me bonang, ba morao e tla ba ba pele, ‘me ba pele e tla ba ba morao.
