Vinkmag ad

La 21 Mphalane 2025

Beke ea 29 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (5:12.15.17-19.20-21)

“Joalokaha phoso ea motho a le mong e isitse batho bohle tsuong, ka mokhoa o tšoanang ketso e lokileng ea motho a le mong e isitse batho bohle tokollong e isang bophelong.”

 

Bana beso! Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, le lefu ka sebe; ‘me ka tsela ena lefu le fetetse ho batho bohle, kaha bohle ba entse sebe.

 Empa le teng ke ‘nete hore mohau oa Molimo, le mpho ea hae eo a faneng ka eona ho ba bangata, ka mohau oa motho a le mong e leng Jesu Kriste, tsona li kholo ho feta.

Ka baka leo, joalokaha phoso ea motho a le mong e isitse batho bohle tsuong, ka mokhoa o tšoanang ketso e lokileng ea motho a le mong e isitse batho bohle tokollong e isang bophelong. Hobane joalokaha ba bangata ba entsoe baetsalibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokhoa o tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.

Empa moo sebe se ngatafetseng, mohau oa e-ba mongata ho feta. Ka hoo joalokaha puso ea sebe e isitse lefung, le ka mokhoa o joalo mohau oa Molimo o busa ka toka ho re isa bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kriste Morena oa rona.

PESALEMA 39

KE ‘NA EO KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.

Ha u khahloe ke mahlabelo, leha e le linyehelo,

empa u nthibolotse litsebe;

ha u hloke licheso le mahlabelo bakeng la sebe;

ke ha ke re: Ke ‘na eo, kea tla!

KE ‘NA EO KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.

Bukeng ho ngotsoe taelo

ea hore ke phethe thato ea hau:

Molimo oa ka, lerato la molao oa hau

le botebong ba pelo ea ka.

KE ‘NA EO KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.

Kę phatlalalitse tse monate phuthehong e kholo,

ha kea ka ka thola, ua tseba Morena.

Toka ea hau ha kea ka ka ipolokela eona

boinotšing ba pelo ea ka,

empa ke boletse botšepehi ba hau le pholoho ea hau.

KE ‘NA EO KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.

Bohle ba u batlang ba ke ba nyakalle,

ba ithabele ka uena,

ba lakatsang pholoho ea hau

ba se phetse ho re: Molimo o moholo.

KE ‘NA EO KE TLA HO PHETHA THATO EA HAU, MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:35-38)

“Ba lehlohonolo bahlanka, bao etlare ha mong’a bona a fihla, a ba fumane ba falimehile.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae:

Matheka a lona a ke a tlangoe, ‘me mabone a lona a tuke. Le be joaloka batho ba lebeletseng mong’a bona ho khutla moketeng oa lenyalo; e tle e re ha a fihla ‘me a kokota, ba ‘mulele kapele-pele.

Ba lehlohonolo bahlanka bao, bao etlare ha mong’a bona a fihla, a ba fumane ba falimehile. Ruri kea le bolella, o tla itlama thekeng, a ba lulise fatše, ‘me a ee ka theko ho ba fepa. ‘Me leha a ka fihla ka seroko kapa ka meso, ‘me a ba fumana ba ntse ba falimehile joalo, ba lehlohonolo bahlanka bao.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Mphalane 2025

Read Next

La 22 Mphalane 2025

Most Popular