Tona-Kholo Sammuel Matekane o butse ka molao le ho nehelana ka mpho ea boleng ba chelete e kaalo ka M5 Millione ea moaho o majaba-jaba oa liofisi tsa Morena oa Sehlooho oa Setereke sa Butha-Buthe, ka sepheo sa ho netefatsa hore litšebeletso tsa sechaba li fanoa sebakeng se nepahetseng, se bolokehileng, ‘me se supang boleng ba setsi se li fanang. Nehelano ea mphohali ena ea bohlokoa e bile moketeng o neng o tšoaretsoe Ha Mopeli, Butha-Buthe ka la 12 Loetse 2025.
H’a bua le sechaba sa Makhoakhoa le Likila moketeng ona, Tona-Kholo Matekane o boletse hore mpho ena ke ntšetsopele ea boitlamo ba bona ba ho ntlafatsa bosebeletsi, ‘me sepheo sena se ka fihleloa feela ka katametso le ntlafatso ea lisebelisoa ho sechaba. “Ke ka hona ‘muso ka Lekala la Puso ea Libaka, Borena, Tsa Lehae le Sepolesa o ikitlaelitseng ho netefatsa hore boemo ba liofisi tsa Marena a Sehlooho li’a ntlafala.” A rialo.
A supa hore bona e le ‘muso ba ananela mosebetsi oa borena, ‘me ba ela hloko litlhoko tsa marena a tlaase-tlaase e leng a haufi haholo le sechaba metseng le metsaneng kaha a e-oa a tsoha le sechaba ka ho kena lipakeng ha liqhoebeshano li le teng, “le na le sona nyene le bosiu. Ka hona, tekolo ea litsiane tsa marena, re ke ke ra iphapanyetsa eona. Re lokela ho e sebetsa ‘moho le lona ka lipuisano tse mofuthu.” Ke TK eo.
A tiisa hore ba ananela mosebetsi oa borena phethahatsong ea Moralo oa Ntšetso-pele ea Naha(NSDPII), ka ho bopa khotso, kopano, bonngoe ba sechaba, tšireletseho le poulelo ea mekhoa le meetlo. A leboha Makhoakhoa le Likila ka ho ananela le ho thabela mpho ena, ‘me a ipiletsa ho bahlanka bohle joalokaha moaho ona o le majaba-jaba le bosebeletsi boo sechaba se tlang ho bo fumana kahare ho ona ebe bo botle. “Thepa ena e tla lula e khahleha ha re e baballetse le ho e hlokomela.” Ke eena eo.
Letona la Lekala la Puso ea Libaka, Borena, Litaba tsa Lehae le Sepolesa Mohlamphehi Lebona Lephema o itse ho fana ka litšebeletso le lisebelisoa ho marena ka mekhahlelo ea bona kaofela ke e meng ea mesebetsi e pharaletseng thomong ea lekala la habo. A re khaho ea liofisi le tsa Marena a Sehlooho ho fihlela hajoale ke sesupiso sa phethahatso ea boikarabello ba bona le ho ela hloko moralo moholo oa naha oa ho matlafatsa phano ea litšebeletso.
A re marena ke baballi ba khotso, ‘me mosebetsi oa bona oa bohlokoa o kenyeletsa ho lokisa likamano le ho tlisa tharollo kahare ho sechaba, ho aha bonngoe ba sechaba le ho etsa moetlo, “hoba sechaba se sa tsebeng moo se tsoang se’a timela.” A re ka nepo litšebeletso tsa sechaba li lokela ho fanoa sebakeng se baballang seriti le tlhompheho ea sona joaloka sena. A qetella ka hore ba mathuleng a ho phethela khaho tsena tsa liofisi ka ho etsa tsa Seterekeng sa Mohale’s Hoek tsa Thaba-Tšoeu le Likueneng selemong sena se holimo.
H’a leboha le ho amohela mpho ena, Morena oa Sehlooho oa Butha-Buthe Morena Retšelisitsoe Mopeli o itse ke taba-tabelo ea bona ho tšoara mpho ena hantle le ho kena liofising ka lipelo tse tšoeu kaha bohle ba tlang ho kena liofising tsena ba tla tsoa ba fumane litšebeletso tse ba lokelang. H’a etsa sa mohla letšolo o kopile hore tsela ea Ha Nqabeni, ho ea kena Tamaseka le Khukhune e kenngoe letšoana le hore marena a ntlafaletsoe litsiane.
