Beke ea 27 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jonase. (1:1-2:1.11)
“Jonase a tloha, a balehela hole le Morena.”
Qaleho ea buka ea moprofeta Jonase:
Lentsoe la Morena le ile la fihlela Jonase, mor’a Amittai, la re: “Tsamaea, u ee Ninive, motseng oo o moholo; u o khaleme, etsoe bokhopo ba oona bo finyeletse ho ‘na.”
Empa Jonase a tloha, a itokisetsa ho balehela Tarshishe, hole le Morena. A theohela Joppe, ‘me teng a fumana sekepe se eang Tarshishe. A lefella leeto, eaba o kena sekepeng le ba bang ho leba Tarshishe, hole le Morena.
Ke ha Morena a tsosa moea o matla; ha tsoha sefefo se seholo leoatleng, hoo sekepe se neng se batla se robeha. Basesisi ba sekepe ba tšoha, e mong le e mong a rapela molimo oa hae; ba ba ba lahlela leoatleng thepa e ka sekepeng, ho fokotsa boima ba sona. Ha e le Jonase, o n’a theohetse tlase-tlase ka sekepeng, moo a ileng a robala ‘me a ea le sephume sa boroko.
Mookameli oa sekepe a atamela ho eena, a re: “U robaletse’ng uena? Tsoha, u rapele Molimo ua hau. Mohlomong Molimo o tla re hopola, re se ke ra timela. Basesisi ba buisana, ba re: “Tlohong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na bomalimabe bona bo re oetse ka molato oa mang?” Ba laola ka lotho, ‘me lotho ea ntša Jonase.
Ba re ho eena: “Ak’u re bolelle, uena ea re lihetseng bomalimabe bona, mosebetsi ua hau ke ofe, u tsoa kae, ha eno ke kae, u mofuta mong?” A ba araba, a re: “Ke mo-Heberu, ‘me ke lumela ho Morena Molimo oa maholimo; ea entseng leoatle le mobu o ommeng.”
Banna bao ba tšoha haholo, ba re ho eena: “Ke’ng ha u entse hoo?” Ba ne ba tseba hore o balehela hole le Morena, etsoe o n’a ba boleletse pele. Ba ‘motsa, ba re: “Joale re tla u etsa joang hore leoatle lee le tle le khutse?” Maqhubu a n’a nts’a phahama le ho feta. A araba, a re: “Nkukeng, le nkakhele leoatleng, e le hore leoatle le tle le khutse. Kea tseba hore sefefo sena se seholo se le hlahetse ka baka la ka.”
Banna bao ba soka ka matla, ba leka ho khutlisetsa sekepe lebopong, empa ba hloloa, hobane maqhubu a leoatle a n’a nts’a phahama le ho feta pele. Ke ha ba rapela Morena, ba re: “Oho Morena, u se k’a mp’a re tlohela ra timela ka baka la motho enoa, ‘me u se ke ua re jarisa mali a hae a se nang molato; hobane uena Morena, u entse hona ka ho rata ha hau.”
Eaba ba nka Jonase, ba mo akhela leoatleng, ‘me leoatle la lesa ho befa. Banna bao ba tšoaroa ke tšabo e kholo ‘me ba nyehela Morena sehlabelo, ba mo etsetsa likano.
Morena a etsa hore hlapi e kholo e tle, ‘me e koenye Jonase; Jonase a ba ka mpeng ea hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo. Eaba Morena o laela hlapi ho hlatsetsa Jonase lebopong.
PESALEMA (Jon. 2,2-5.8. R. 7)
MORENA U ILE UA NKINOLA SEKOTING KE PHELA.
Ha ke le matšoenyehong ka hoeletsa ho Morena,
‘me a nkaraba;
ha ke le har’a Qalo-ea-bafu ka kopa thuso,
‘me ua utloa lentsoe la ka.
MORENA U ILE UA NKINOLA SEKOTING KE PHELA.
U n’u ntahletse bolibeng, hare-hare ho leoatle,
metsi a ne a mpota-potile kahohle,
maqhubu ‘ohle a hau a bilohang
a ne a ntlola holimo.
MORENA U ILE UA NKINOLA SEKOTING KE PHELA.
Ke bile ka re: Ke lahletsoe hole le uena,
ke sa tla bona joang
tempele e halalelang ea hau hape?
Ha ke le lekhatheng la ho khaoha ka hopola Morena,
‘me thapelo ea ka ea fihla ho uena
tempeleng e halalelang ea hau.
MORENA U ILE UA NKINOLA SEKOTING KE PHELA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:25-37)
“Oa heso ke mang na?”
Ka nako eo, Moruti e mong oa molao a ema, a mo leka, a re: Moruti ke tšoanetse ho etsa’ng, ke tle ke fumane bophelo bo sa feleng na? Jesu a re ho eena: Ana ho ngotsoe’ng Molaong? U bala’ng teng na? Eo a arabe a re: U tla rata Morena Molimo ua hau ka pelo ea hau eohle, ka moea ua hau oohle, ka matla a hau ‘ohle, le ka kelello ea hau eohle; ‘me oa heno u mo rate joalokaha u ithata. Jesu a re ho eena: U arabile hantle; etsa joalo ‘me u tla phela.
Empa eena ka ho rata ho ipeha ka botleng, a re ho Jesu: oa heso ke mang na? Eaba Jesu o bua, a re: Motho e mong o n’a theoha Jerusalema a e-ea Jeriko ‘me a oela matsohong a linokoane tse ileng tsa mo hlobolisa, tsa mo etsa maoma, ‘me tsa ikela, tsa mo siea a le makhatheng.
Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eona eo; a ‘mona empa a mo koekoetla. Ka mokhoa o joalo Mo-Levi e mong, ha a le haufi le qalo eo, a ‘mona le eena a mo koekoetla.
Athe moeti oa mo-Samaria ha a fihla pel’a hae, a ‘ mona, ‘me a mo utloela bohloko. Eaba o atamela ho eena a mo tlama maqeba, a a tšela ka oli le ka veine, a mo palamisa, a mo isa tlung ea baeti ‘me a mo oka. Ka la hosasane, a ntša lidenare tse peli, a li nea mong’a ntlo ‘me a re: Mo oke, ‘me sohle seo u tla se ntša ka holim’a sena, mohla ke khutlang ke tla u buseletsa sona. Joale ke mang oa ba bararo bao eo u ‘monang e bile oa habo ea oetseng matsohong a linokoane na? A araba a re: Ke ea mo etselitseng mohau. ‘Me Jesu a re ho eena: E-ea, ‘me le uena u etse joalo.
