Sehopotso sa Manyeloi a halalelang a re lebelang.
Beke ea 26 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (23:20-23)
“Lenyeloi la ka le tla u etella pele.”
Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla romela lenyeloi la ka le tle le u etelle pele, le u lebele tseleng ea hau ‘me le u fihlise sebakeng seo ke u lokiselitseng sona. U le hlonephe ‘me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le tella, hobane le ke ke la u leballa phoso e joalo, kaha le eme Lebitsong la ka.
Empa haeba u ka mamela lentsoe la lona ka hloko ‘me ua etsa tsohle tseo ke li bolelang, ke tla ba sera sa lira tsa hau, ke tla loantša ba u loantšang. Lenyeloi la ka le tla u etella pele, ‘me le u ise naheng ea ba-Amore, ea ba-Hethe, ea ba-Ferese, ea ba-Kanaana, ea ba-Heve le ea ba-Jebuse, bao ke tla ba felisa.
Pesalema 90
O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.
Uena ea phelang tšireletsong ea Ea holimo-limo,
ea lulang moriting oa Ea matla-ohle,
e-re ho Morena; U setšabelo sa ka.
u qhobosheane ea ka,
u Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.
O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.
Hobane ke eena ea u tšoasollang
lerabeng la sechehi, le koluoeng e timetsang.
O tla u koahela ka masiba a hae,
‘me u tla tšabela tlas’a mapheo a hae:
ho tšepahala ha hae ke thebe le tšireletso ea hau.
O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.
U ke ke ua tšaba liriti tsa bosiu,
kapa motsu oa seqha o bebang motšeare,
leha e le koluoa e khukhunang lefifing,
kapa lefu la seoa le tlokang har’a mp’a motšeare.
O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.
Ha ho tlokotsi e ka u hlahelang,
ha ho kotlo e ka thetsang ntlo ea hau.
Hobane o laetse manyeloi a hae
họ u lebela tseleng tsohle tsa hau.
O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:1-5.10)
“Leholimong manyeloi a bona kamehla sefahleho sa Ntate ea maholimong.”
Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ha u bona, e moholo ke mang ‘musong oa maholimo? Eaba Jesu, o bitsa ngoana e monyenyane, o mo emisa kahare ho bona, o re: Kannete kea le bolella, ha le sa sokolohe le ba joaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena ‘musong oa maholimo. Ea ikokobetsang a be joaloka ngoana enoa e monyenyane, ke eena ea leng moholo ‘musong oa maholimo. Ea amohelang ngoana e monyenyane ea joaloka enoa, ka baka la lebitso la ka, o amohela ‘na.
Hlokomelang, le se ke la nyelisa le ea mong oa ba banyenyane bana, hobane, kea le bolella, manyeloi a bona leholimong a bona kamehla sefahleho sa Ntate ea maholimong.
