“Le lokela ho itela le jare sefapano sa Morena Jesu Kriste, mamellang mathata le litsietsi tsohle hore le tle le be barutuoa ba Morena Jesu Kriste, le tle le be ba lokelang ho sala Cecilia ea Halalelang morao.” A rialo Fr. Mojalefa Clement Khobatha; Rameea oa Kopano ea Cecilia ea Deanery ea Mazenod, h’a ne a tšoaea litho tse ncha le ho tlotla liqhoku tsa kopano. Tsena li bile ‘mishoneng oa St. Joseph Koro-Koro ka la 7 Loetse monongoaha.
Litšebeletso tsena li qalile ka Sehlabelo se Halalelang sa ‘missa se eteletsoepele ke monga ‘mishone Fr. Clement Khobatha. Khothatsong ea hae a re Morena Jesu o re ha u batla h oba morutuoa oa hae u tlameha ho hloea tsohle esita le maruo a lefatše lena.
A re ha re sitoa ho arohana le tsohle re tla sitoa ho mo latela. A re Morena Jesu o re re hloee esita le batsoali ba rona bao re ba ratang haholo, haeba ba re sitisa ho mo sala morao. O re Jesu Kriste o re ruta hore re mo behe kapele linthong tsohle. A re bakriste ba iphathahanya ka maruo a lefatše ba lebala le hore na hana b’a fumane joang? Ebile ba lebetse ka Eena ha ba sa mo fa sebaka.
A re Morena Jesu o re elellisoa hore le bona bophelo ba rona re lokela ho bo hloea, haeba u tobane le lefu, u hlorisetsoa tumelo ea hau, u lokela ho inehela, e le hore u se ke ua koenehela Morena Jesu. A re joalokaha barutuoa ba hae ba ile ba hlorisetsoa tumelo ea bona, le bona ba ile ba inehela e le hore ba se ke ba tloha ba fetohela tumelo ea bona. A bontša hore mehleng ea khale ho ne ho e-na le bashoela-tumelo, bao marao tjena ba seng ba sa bonahale, ka hobane re se re beha bophelo ba rona kapele ho feta ho beha Jesu Kriste.
A re Kriste o boetse o re elellisoa hore ha re ntse re etsa tsena tsohle, re ikopele bohlale bo tsoang ho Morena Molimo, hobane bohlale bona boo ke bona bo tla re thusa hore re mo sebeletse. A re bohlale ba ‘nete bo tsoang ho Morena Molimo bo re thusa hore re mo behe kapele hobane tsohle tseo re li fumanang ke ka Eena hore ebe re na le tsona, ‘me re ntse re sa lebale hore ha rata a ka re amoha tsona ha re se re sa mo sebeletse.
A phethela ka hore ha re thulana le mathata le litsietsi re mo behe kapele hobane ke Eena ea tla rarolla tseo tsohle. A re matlotlo ohle ao re nang le ona re tsebe hore a tsoa ho Eena, re ke re a behe kamorao, re behe Eena kapele.
H’a laea bakokoti o itse ha ba kopana le mathata kapa tsona litsietsi ba se nyahame kapa ba tleloa ke mokhathala ba tsebe ke karolo ea bophelo. A re ba tsebe hore mokriste oa ‘nete o tlameha ho feta tlasa tseo hobane ke tsona tse tla mo tlisa haufi le Morena Jesu Kriste. A re bophelo ba Cecilia ea Halalelang ebile ba mathata le litsietsi, ‘me o ile a mamella ka lebaka la Evangeli ea Morena oa rona Jesu Kriste.
A lebohela liqhoku tse neng li tlotloa kahar’a ‘me a li khothatsa hore haele mona li fihletse lilemo tse kaholimo ho 50, ke ka lebaka la ho mamella mathata, boiphano, boitelo le lerato ‘me e se eka taba eo e ka ba mohlala ho litho tse ncha.
Ke litho tse 18 tse tšoahiloeng le liqhoku tse ‘ne tsa St. Joseph Koro-Koro. Liqhoku tsa ho qetela e tla ba tsa St. Louis Matsieng ka khoeli ea Mphalane. Deanery ea Mazenod e bopile ka Maria Mofumahali oa Lefaatše, Mofumahali oa Masabiella, St. Peter Claver, St. Louis le St. Joseph.
