Vinkmag ad

La 22 Loetse 2025

Beke ea 25 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Ezra. (1:1-6)

“Mang kapa mang, eo e leng oa sechaba sa Morena, a nyolohele Jerusalema ho aha Ntlo ea Morena.”

Ka selemo sa pele sa puso ea Siruse, khosi ea Persia, e le hore lentsoe la Morena le boletsoeng ke Jeremia le phethahale, Morena a susumetsa Siruse, khosi ea Persia hore a phatlalatse kahohle ‘musong oa hae, esitana le ka mangolo, taba e reng:

Ke sena seo Siruse khosi ea Persia, a se bolelang; Morena, Molimo oa maholimo, o ‘nehile mebuso eohle ea lefatše; ebile ke eena ea ntaetseng hore ke mo ahele Ntlo Jerusalema e Juda.

Mang kapa mang har’a lona eo e leng oa sechaba sa hae, Molimo oa hae a ke a be le eena, a nyolohele Jerusalema e Juda ho aha Ntlo ea Morena, Molimo oa Israele, Molimo ea leng Jerusalemna.

E mong le e mong oa ba phonyohileng, kae kapa kae moo a jakileng teng, eka a ka thusoa ke baahisane ba hae ka silvera le gauda, ka maruo le liphoofolo, ‘moho le limpho tse ntšetsoang Ntlo ea Molimo e Jerusalema  ka boithaopo.

Eaba lihlooho tsa malapa a Juda le Benjamine, baprista le ba-Levi, bohle ba susumelitsoeng ke Molimo ba tloha ho ea aha Ntlo ea Morena e Jerusalema.

Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka limpho tsa mefuta-futa, ka silvera le gauda, ka maruo le liphoofolo, le ka lintho tse ngata tsa bohlokoa, kantle ho tsohle tse ntšitsoeng ka boithaopo.

PESALEMA 125

MORENA O RE ETSELITSE TSE KHOLO.

Ha Morena a khutlisa ba Sione kholehong,

e n’e ke rea lora.

Melomong ea rona ha utloahala litšeho,

le lelemeng la rona mehoo ea nyakallo.

Ke moo har’a lichaba ho ileng ha thoe:

“Morena o ba etselitse tse kholo.”

ebile re li thabetse.

MORENA O RE ETSELITSE TSE KHOLO.

Morena, ak’u khutlise ba habo rona kholehong,

joaloka linoka tse phallang tsa Boroa.

Ba jetseng ka meokho

ba kotula ka litlatse.

MORENA O RE ETSELITSE TSE KHOLO.

Ba ea ba lla,

ba jere peo tsa bona.

Ba nt’o khutla ka litlatse,

ba jere ngatana tsa bona.

MORENA O RE ETSELITSE TSE KHOLO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8:16-18)

“Lebone le hlongoa sehlomellong hore ba kenang ba tle ba bone leseli.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ha ho motho eo ereng ha a hotelitse lebone a le kubute ka pitsa, kapa a le behe ka tlas’a bethe, empa o le hloma sehlomellong hore ba kenang ba tle ba bone leseli. Hobane ha ho ntho e patiloeng e ke keng ea pepesoa, ‘me ha ho ntho e sephiring e ke keng ea tsejoa ‘me e ke keng ea pepeseha.

Ka baka leo, hlokomelang kamoo le utloang kateng, hobane ea seng a e-na le letho o tla fuoa, ‘me ea se nang letho o tla amohuoa le seo a hopolang o na le sona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Loetse 2024

Read Next

La 23 Loetse 2025

Most Popular