Vinkmag ad

La 19 Loetse 2025

Labohlano

Beke ea 24 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (6:2-12)

“Ha e le uena, motho oa Molimo, laba-labela toka.”

Moratuoa! Ruta tsena ‘me u khothatse ka tsona. Ekare ha motho a ruta ka hosele, a sa lumellane le lipolelo tsa ‘nete tsa Jesu Kriste le thuto e eang le borapeli, ke moikhohomosi, ha a tsebe letho ‘me o jeoa ke lefu la lipotso le la likhang tsa lipolelo, e leng tsona tse tsoalang mehono, liphapano, mahlapa le lipelaelo tse mpe, le litsekisano tsa batho ba kelello li bolileng, ba lahlehetsoeng ke ‘nete, ba lekanyang hore borapeli bo fumantša motho leruo.

Efela borapeli bo kopaneng le khotsofalo ke leruo le leholo. Ha rea ka ra tla le letho lefatšeng lena, ‘me ka mokhoa o tšoanang re tla tloha re se na letho. Ha re e-na le lijo le liaparo, re be khotso ka tsona, hobane ba ratang ho rua ba oela molekong le lerabeng la litakatso tse ngata tse se nang thuso, tse kotsi, tse tebisetsang batho lefung le tahlehong.

Efela takatso ea chelete ke motso oa bobe bohle, ‘me ka ho e lakatsa, ba bang ba khelohile tumelo ‘me ba ikentse mahlokong a mangata. Ha e le uena, motho oa Molimo, balehela lintho tsena. Laba-labela toka, borapeli, tumelo, lerato, mamello le bonolo. Loana ntoa e ntle ea tumelo. U ikhapele bophelo bo sa feleng boo u bo bilelitsoeng mohla u boletseng tumelo ea hau ka matla pel’a lipaki tse ngata.

PESALEMA 48

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Na nka tšaba, matsatsing a bomalimabe,

ha ke likanetsoe ke balotsana le mahlabaphieo?

Bona ba tšepile matlotlo a bona,

ba ithorisa ka maruo a mangata a bona.

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Empa ha ho le ea mong

ea ka lefellang bophelo ba hae,

leha e le ho ithekela topollo ho Molimo;

Na motho o tla phela ho-ea-ho-ile,

ebe ha a sa tla bona lebitla?

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Se belaele leha motho a ka rua,

‘me matlotlo a ntlo ea hae a ata;

hobane ha a e-shoa a ke ke a nka le letho,

matlotlo a hae a ke ke a mo sala morao.

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Leha a ka inka a le lehlohonolo ha a sa phela,

kapa batho ba ka mo rorisa hobane a iketla,

O tla be a e’o fihla molokong oa bo-ntat’ae,

ba ke keng ba hlola ba bona leseli le khale.

HO LEHLOHONOLO BA NANG LE MOEA OA BOFUMANEHI HOBANE ‘MUSO OA MAHOLIMO KE OA BONA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8:1-3)

“Basali ba neng ba mo baballa ka lintho tsa bona, ba tsamaea le bona.”

Ka nako eo, Jesu a tsamaea le metse le mętsana, a ntse a ruta batho, a ba bolella molaetsa oa tsa ‘Muso oa Molimo. O n’a e-na le ba leshome le metso e ‘meli, le basali ba bang ba neng ba folisitsoe lefu la meea e mebe le maloetse: Maria ea bitsoang Magdalena, eo bademone ba supileng ba neng ba tsoile ho eena, le Joanna, mosali oa Kusa eo e neng e le mosebeletsi oa Heroda, le Susanna le ba bang ba bangata ba neng ba mo baballa ka lintho tsa bona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Loetse 2025

Read Next

O hlomola pelo

Most Popular