Vinkmag ad

La 16 loetse 2025

 Sehopotso sa Cornelius Mopapa le Cyprian Mobishopo le Bashoela-Tumelo ba Halalelang.

Labobeli

Beke ea 24 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (3:1-13)

“E ka khona mobishopo a hloke letheba; badiakone le bone ba boloke linnete tsa tumelo ka pelong tse hloekileng.”

Polelo ea sebele ke ena: Ha motho a lakatsa bobishopo o lakatsa mosebetsi molemo. Empa e ka khona mobishopo a hloke letheba e be monna ea bileng le mosali a le mong, a be le boitšoaro, kelello, boitlhompho, a rate baeti, a tsebe ho ruta. E se ke ea e-ba motho ea hlanyetsang veine kapa ntoa, a mpe a be bonolo, e seng ea ratang litseko kapa leruo.

A buse ntlo ea hae hantle, a boloke bana ba hae mamelong ka bokhabane bohle. Haeba motho a sa tsebe ho busa ntlo ea hae, a ka hlokomela Kereke ea Molimo joang na? E se ke ea e-ba mosokolohi e mocha, e se re a ka ikhohomosa ‘me a oela tsuong e kang ea diabolosi. Hape o tšoanetse ho pakeloa ke ba kantle, esere mohlomong a hlompholloa ‘me a oela lerabeng la diabolosi.

Badiakone le bona e be banna ba itlhomphang. E seng ba teme-peli kapa ba ratang veine haholo, leha e le ba habang leruo le lebe, empa ba boloke linnete tsa tumelo ka pelong tse hloekileng. ‘Me le bona ba nonngoe pele, ‘me ha ba hlokile molato, e be hona be kenngoang tšebeletsong.

Ka mokhoa o joalo basali e be ba hloekileng, e seng mahele-hele; ba be le boitšoaro le botšepehi nthong tsohle.

Badiakone e be banna ba bileng le mosali a le mong ba busang bana ba bona le matlo a bona hantle. Hobane ba phethileng mosebetsi oa bona hantle ba tla iphumantša setulo se hlomphehang le matla a maholo a ho bolela tumelo e ho Kriste Jesu.

PESALEMA 100

KE TLA IPHELELA KA PELO E HLOEKILENG.

Ke tla roka mohau le toka,

ke tla u binela lifela, Morena.

Ke tla ba seli ho latela tsela e se nang nyatseho.

U tla tla ho ‘na neng?

KE TLA IPHELELA KA PELO E HLOEKILENG.

Ke tla iphelela lapeng la ka

ka pelo e hloekileng

Nke ke ka talima letho le lebe ka mahlo a ka;

ke hloile liketso tsa bomenemene,

li ke ke tsa nkhapa.

KE TLA IPHELELA KA PELO E HLOEKILENG.

Ea jang e mong likobo,

ke tla mo timetsa;

ea bokaako, ea pelo e tletseng boikhohomoso,

nke ke ka iphapanyetsa eena.

KE TLA IPHELELA KA PELO E HLOEKILENG.

Mahlo a ka a holim’a ba tšepahalang lefatšeng,

e tla ba baahisane le ‘na.

Ea tsamaeang tseleng e se nang nyatseho,

ke eena ea ka ntšebeletsang.

KE TLA IPHELELA KA PELO E HLOEKILENG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (7:11-17)

“Mohlankana, ke re ho uena; tsoha.”

Ka nako eo, Jesu a ea motseng o bitsoang Naime. Barutuoa ba hae ba ne ba tsamaea le eena, hammoho le letšoele le leholo.

A fihla haufi le khoro ea motse, nakong eo ho neng ho uoa mabitleng. Mofu e ne e le mora a inotši oa mohlolohali; ‘me batho ba bangata ba motse ba ne ba e-na le eena. Ha Morena a ‘mona, a mo utloela bohloko, ‘me a re ho eena: U se ke ua lla. A atamela, a ama mojaro. Ba neng bạ mo jere ba ema. Eaba o re; Mohlankana, ke re ho uena: tsoha. Mofu a lula, ‘me a qala ho bua. Eaba Jesu o mo nehela ‘m’ae.

Bohle ba oeloa ke tšabo, ‘me ba tlotlisa Molimo, ba re: Moprofeta e moholo o hlahile har’a rona, ‘me Molimo o etetse sechaba sa hae. Taba eo a e entseng ea boleloa kahohle Judea le naheng eohle e ka mathoko.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Loetse 2025

Read Next

La 17 Loetse 2025

Most Popular