Vinkmag ad

La 13 Loetse 2025

Sehopotso sa Joannes Krysostome ea Halalelang, Mobishopo le Moruti oa Kereke.

Labotšelela

Beke ea 23 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (1:15-17)

“O tlile lefatšeng lena ho pholosa baetsalibe.”

Ke polelo ea sebele, e lokelang ho amoheloa ke bohle, hore Kriste Jesu o tlile lefatšeng lena, ho pholosa baetsalibe, bao oa pele ho bona e leng ‘na. Empa ke fumane lereko, hore Kriste Jesu a bontše mamello e tletseng ka ‘na pele, e tle e be sesupiso ho bohle ba tlang ho lumela ho eena le ho fumana bophelo bo sa feleng. Ho Morena oa mengoaha, ea sa shoeng, ea sa bonoeng, Molimo ea mong, e be tlhompho le letlotlo kamehla le mehla! Amen.

PESALEMA 112

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Lona bahlanka ba Morena, rorisang,

rorisang lebitso la Morena.

Ho bokoe lebitso la Morena,

ho tloha joale ho isa khale.

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Ho tloha Bochabela ho isa Bophirima,

ho rorisoe lebitso la Morena.

Morena ke eena ea phahametseng lichaba tsohle,

letlotlo la hae le feta maholimo.

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Ke mang ea joaloka Morena Molimo oa rona

ea lulang holimo-limo,

ea inamang ho sheba maholimo le lefatše,

ea ntšang mofutsana litholeng,

ea nyollang mohloki thotobolong.

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:43-49)

“Le mpitsets’ang: Morena, Morena, empa le sa etse seo ke le laelang sona?”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha ho sefate se setle se ka behang litholoana tse mpe; le teng ha ho sefate se sebe se ka behang litholoana tse monate. Hobane sefate ka seng se tsejoa ka litholoana tsa sona. Efela batho ha ba khole lifeiga meutloeng, leha e le morara lihlahleng.

Motho ea molemo o ntša tse molemo mononong o molemo oa pelo ea hae; athe motho e mobe o ntša tse mpe mononong o mobe oa hae: hobane seo pelo e tletseng sona, molomo o’a se bua.

Le mpitsetsa’ng: Morena, Morena, empa le sa etse seo ke le laelang sona? Mang le mang ea tlang ho ‘na, a utloa lipolelo tsa ka ‘me a li phetha, ke tla le bontša eo a tšoanang le eena. O tšoana le motho ea ileng a aha ntlo, a cheka moralo o tebileng, a e aha holim’a letlapa. Eare ha sekhohola se fihla, phororo ea khahlela ntlo eo, empa ea sitoa ho e sisinya, hobane e ahiloe hantle.

Athe ea utloang lipolelo tsa ka, a sa li phethe, o tšoana le motho ea ahileng ntlo ea hae holim’a mobu, ho se motheho. Eare ha phororo e khahlela, ea oa hang-hang, ‘me tšenyeho ea ntlo eo ea tšabeha.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba lifeme ba ikisa ho TK

Read Next

O nehelana ka liofisi

Most Popular