Labotšelela
Beke ea 22 har’a selemo
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (1:21-23)
“O le boelantse ka lefu la Kriste, hore le tsebe ho hlaha pel’a hae le halalela, le hloekile.”
Bana beso! Ha pele le ne le le hole le Molimo, le iketsa lira tsa hae ka mehopolo le mesebetsi e mebe ea lona. Empa joale o le boelantse ka lefu la Kriste ‘meleng oa nama, hore le tsebe ho hlaha pel’a hae le halalela, le hloekile, le sa nyatsehe ka letho.
Feela e ka khona le tiisetse tumelong; le tšoare, le tiee, le sa khelohe tšepo eo le nang le eona ha esale le utloile molaetsa oa taba tse monate, e leng Evangeli e rutiloeng libopuoa tsohle tse tlas’a letsatsi, eo ‘na Paulosi ke entsoeng mohlanka oa eona.
PESALEMA 53
MOLIMO KE MOTHUSI OA KA.
Mpholose, Molimo, ka baka la lebitso la hau,
u nkahlolele ka matla a hau.
Oho Molimo, u mamele thapelo ea ka,
u sekehele lipolelo tsa ka tsebe.
MOLIMO KE MOTHUSI OA KA.
Baikakasi ba ntsohetse matla,
batho ba sehloho ba tsoma bophelo ba ka;
ke bona batho ba se nang taba le Molimo.
MOLIMO KE MOTHUSI OA KA.
Empa Molimo ke mothusi oa ka,
Morena ke motšehetsi oa ka oa mantlha.
Ke tla u nyehela sehlabelo ka pelo eohle ea ka,
Morena, ke boke lebitso la hau, hobane le molemo.
MOLIMO KE MOTHUSI OA KA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:1-5)
“Ke ka baka la’ng le etsang se sa lumelloeng ka Sabbatha?”
Ha etsahala hore, ka Sabbatha se seng, ha Jesu a feta har’a masimo a koro, barutuoa ba hae ba khe liqoapi ba li hohlele liatleng tsa bona ‘me ba je. Ba bang ba bafarisi ba re ho bona: Ke ka baka la’ng le etsang se sa lumelloeng ka Sabbatha na?
Jesu a ba fetola, a re: Ana ha le e-s’o bale seo Davida a kileng a se etsa ha a lapile, eena le bao a neng a e-na le bona? Kamoo a kileng a kena ka tlung ea Molimo ‘me a nka mahobe a nyehelo, aa ja, a ba a neha le bao a nang le bona mahobe a sa lumelloeng ho jeoa ha e se ke baprista feela. A eketsa, a re: Mor’a motho ke morena oa Sabbatha.
